BUKANA YA TATAISO E HLALOSANG YA MOLAWANA WA BOITSHWARO TSHEBELETSONG YA SETJHABA
TATAISO E SEBETSANG HANTLE MATHATENG A BOITSHWARO MOSEBETSING.
E phatlaladitswe ke : Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba
Kgatiso ya Pele, e phatlaladitsweng pele
Mosebetsi ona o sireleditswe ke molao wa bongodi. Ha ho karolo ya phatlalatso ena e ka hlahiswang hape ka mokgwa ofe kapa ofe, kapa ka tsela efe kapa efe ya ileketeroniki kapa mokgwa wa motjhini ntle le hore ho fumanwe tumello e ngotsweng pele e tswang ho Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba. Dikopo le dipotsisiso tse mabapi le ditokelo tsa tlhahiso e nngwe hape ya kgatiso ena di lokela hore di lebiswe ho: Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba, Commission House, corner Hamilton and Ziervogel, Arcadia, 0083.
Dipotsisiso dife kapa dife tse amanang le kgatiso ena di lokela hore di lebiswe ho:
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba
Founu ke: (27-12) 328-7690
Fekese ke: (27-12) 325-8382
MELEMO LE METHEO
DINTLHA TSE LESHOME TSE KA SEHLOOHONG TSA TSHEBELETSO YA SETJHABA AFRIKA BORWA
Molao wa Motheo wa Afrika Borwa (Kgaolong ya 10) o laela hore Tshebeletso ya Setjhaba e lokelwa?
Ho laolwa ke melemo ya demokerasi le metheo ya Molao wa Motheo;
Ho hlokomelwe le ho kgothaletsa boemo bo hodimo ba boitshwaro ba porofeshenale;
Ho kgothaletswe tshebediso e phethathetseng, e bolokang moruo le e tlisang phetoho e loketseng ya mehlodi;
Hore e be e sekametseng ntshetsope leng;
E finyeletsang ditshebeletso bathong ntle le ho kgetha nku ka pere, ka mokgwa o hlokang leeme, o lekanang le ntle le ho bontsha tshekamelo ya ho kgetha lehlakore;
E arabelang ditlhoko tsa batho le ho kgothaletsa setjhaba ho ba le kabelo ditabeng tse amanang le leano;
Ebe le boikarabelo diketsong tsa yona;
Ho ba e sebeletsang pepeneneng ka ho nehela setjhaba lesedi le kgemang le nako, le kgonang ho fumaneha le le nepahetseng;
Kgothaletse taolo e ntle ya mehlodi ya tshebetso le ditlwaelo tsa ho ntshetsa pele makala a tshebetso ya batho ka sepheo sa ho phahamisa bokgoni ba tshebetso ya batho;
E emele ka ho pharalla batho ba Afrika Borwa ka tshebetso le ditlwaelo tsa taolo ya basebetsi tse thehilweng bokgoning; nneteng, le tlhokong ya phediso ya tlhokeho ya takano ya nakong e fetileng.
DIKAHARE
TLHEKELO YA DITABA
DIKANANELO
BUKANA E HLALOSANG YA MOLAWANA WA BOITSHWARO YA TSHEBELETSO YA SETJHABA
Selelekela
Thupelo
Boikarabelo ba Ramosebetsi le Basebetsi
TATAISO DIPALLONG TSA MOLAWANA
Dikamano le Lekgotla le etsang molao le Phethahatso
Boitshwaro ba mosebetsi boyeneng ba hae le tabatabelo ya poraefete
MOLAWANA WA BOITSHWARO YA TSHEBELETSHO YA SETJHABA
TLHEKELO YA DITABA
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba e fuwe matla ho latela Molao wa motheo, ka 1996, ho kgothaletsa le ho hlokomela boitshwaro ba profeshenale ba boemo bo hodimo hohle tshebeletsong ya setjhaba. Ka 1997 ho ile ha etswa kgweletso ya Molawana wa Boitshwaro ya Tshebeletso ya Setjhaba mme ka morao ho moo e ile ya tsebiswa bohle ka diwekshopo tseo ho tsona ho neng ho na le bahlanka ba tswang boemong ba mmuso wa naha le wa provense. Ho ile ha boela ha hlokeha hore ho ntshetswe pele tataiso e sebetsang ka Molawana wa Boitshwaro ho fehla kutlwisiso e ntlafetseng ya se bolelwang ke Molawana ona wa Boitshwaro le tshebediso ya yona.
Lebitsong la Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba, ke tlotla ho nna ho nehelana ho bahlanka bohle ba fuweng mosebetsi tshebeletsong ya setjhaba ka Bukana ya Tataiso e Qaqileng ya Molawana wa Boitshwaro ya Tshebeletso ya Setjhaba. Molawana wa Boitshwaro ke tshiya ya bohlokwa ha ho thehwa puso e ntle le boitshwaro bo botle ba bahlanka ba setjhaba. Tokomane ena e boetse e hlahisa dintlha tse kang tlhompho ya ditokelo tsa batho, tsamaiso e nang le molao, boikarabelo, ponaletso mmusong, boitshwaro ba motho boyeneng ba hae le ditabatabelong tsa poraefete.
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba e ipiletsa ho bahlanka ba setjhaba kaofela, ho tloha ho ba boemong bo tlase haholo mosebetsing ho fihlela ho ba boemong bo hodimo haholo ho bontsha kutlwisiso e sebetsang ya mehato, taolo le ditaelo tse fuperweng ke Molawana ona wa Boitshwaro. Sena ha se ntho feela e kgonehang empa ke e tlamang ha e ba tshebeletso tse nang le matla di lokela ho finyella baahing bohle ba naha. Ke ntlha ya bohlokwa hape hore bahlanka jwalo ka ha e le molao, ba hane, ba qobe le ho nena dinyehelo ha mmoho le dimpho hobane tsena tsohle ke dintho tse ka nkuwang e le dimpho tse kgothaletsang diketso tsa bobodu.
Ke lakatsa le ho tlotla batsamaisi kaofela le bahlanka ba tshwaraneng le mosebetsi wa ho tsebahatsa Molawana wa Boitshwaro ya Tshebeletso ya Setjhaba. Ke le kgothaletsa hore le tswele pele jwalo ka mosebetsi oo o motle mme le seke la nyahamiswa ke diphephetso tsa ho ntshetsa ple boitshwaro ba profeshenale tshebeletsong ya setjhaba.
Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba e na le tshepo ya hore bukana ena e tla le fetohela tataiso ya bohlokwa ntshetsope leng ya botshepehi le nnete sebakeng sa tshebetso le ho kgothaletsa le mekutu e meholwanyane e tswang ho rona bohle ho fihlella tlwaelo ya ho se dumelle le ho mamella bobobu ho hang ho la Afrika Borwa.
Ke phethela, ka ho kgothaletsa basebetsi bohle ba setjhaba ho netefatsa hore boitshwaro ba bona bo kgema le makgabane a mantlha le metheo ya puso ya tsamaiso ya setjhaba le hore ba etse hore ba tsebe Molawana wa Boitshwaro le Bukana ena e Qaqileng.
Modulasetulo wa Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba
DIKANANELO
Mosebetsi wa ho ntshetsa pele Bukana e Qaqileng ya Molawana wa Boitshwaro ya Tshebeletso ya Setjhaba o ne o ke ke wa tswella ho hang ntle le boitelo le tshehetso ya batho ba itseng ha mmoho le mekgatlo e lokelang ke ho qohollwa ka ho ikgetha le ho ananelwa:
Mafapha a Naha le a Porovense a ile a tshehetsa ntshetsopele ya Bukana e Qaqileng mme ka morao ho moo a nehelana ka seabo sa bohlokwa sa dintlhafatso tse ding hape;
Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba e ile ya fana ka nyehelo ntshetsopeleng ya tokomane ena ka dinyehelo tse hlokolosi haholo;
Mekgatlo ya basebetsi le diyunione e ile ya ba le seabo dikopanong tse fapafapaneng le diwekshopong mme e ile ya etsa ditlhahiso tsa bohlokwa haholo;
Moifo wa tshebetso wa Ofisi ya Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba o ile wa thusa mosebetsing wa ho etsa diphuputso le moralong wa tokomane ya qetelo.
Qetellong, re leboha Lefapha la Borithane la Ntshetsopele ya Matjhaba ka ho tshehetsa ka ditjhelete kgatiso ya Bukana e Qaqileng ya Molawana wa Boitshwaro ba Tshebeletso ya Setjhaba.
BUKANA E HLALOSAENG YA MOLAWANA WA BOITSHWARO BA
TSHEBELETSO YA SETJHABA.
SELELEKELA
Sepheo ka bukana ena ke ho hlalosa dikahare tsa Molawana wa Boitshwaro haholwanyane ho feta. Popo ya dipolelo ya Molawana wammuso e hloka hore e be kgutshwanyane, e tobe ditaba mme e sebedise mareo a mmuso. Bukana ena e reretswe ho etsa hore Molawana ena e utlwahale ho feta basebetsing bohle ba setjhaba.
Bukana ha e hlahise metheo efe kapa efe e metjha mme e latela sebopeho le dinomoro tsa metheo ho latela ka moo di hlahang ka teng Molawaneng, ho dumella papiso e bonolo. Ha mafapha a sebedisa bukana ena, a lokela ho leka ho thasiseletsa ka mehlala eo e leng ya ona, e amanang le tikoloho e ikgethethang ya moo.
Ho tshwanetse hore ho toboketswe hore ntshetsopele ya bukana ena ke tshebetso e dumellang diphetoho mme ho na le monyetla wa hore ho tle ho hlokehe tekolo e nngwe hape e tla nne e etswe kgafekgafetsa, jwalo ka Molawaneng ka bowona.
THUPELO
Molemong wa ho kgothaletsa boitshwaro ba boemo bo hodimo ba profeshenale sebakeng sa mosebetsi, bahlanka ba mosebetsing wa setjhaba ba lokela ho kgothaletswa ho nahana le ho etsa dintho ka tsela ya boitshwaro bo botle. Bukana ena e lokela hore e sebetse jwalo ka thuso ntshetsope leng le ntlheng ya ho nehelana ka dithuto tsa thupelo e kgutshwanyane ho basebetsi kaofela. Bukana ena e boetse e fupere mehlala e mengata e bontshang mathata a mangata a boitshwaro tikolohong ya mosebetsi, e ka nnang ya sebetsa jwalo ka motheo wa thupelo le mehlala ya dipatlisiso.
Bukana ena jwalo ka ha e le mathe le leleme le Molawana, e ka thusa ka ho hlokomela hore tshebeletso ya setjhaba e tshepahale le ho se jele phate ka ho nehelana ka tshepo e itseng e hlokehang tabeng ya boitshwaro bo amohelehang le mohlala wa ditlwaelo tsa boitshwaro bo botle.
BOIKARABELO BA MONNGA MOSEBETSI LE MOSEBETSI
Ke ntlha e amohelehileng hore batho ba ithuta ho bona le ka boitsebelo.
Ka hoo boikarabelo bo ikgethang bo behwa ho monga mosebetsi, ka ho qoholleha balaodi ba phethahatso Matona le Matona a mebuso ya Porovense boemong ba dipolotiki le batsamaisi ba tshebeletso ya setjhaba maemong kaofela ho tlisa tikoloho eo ho ka thehwang makgabane le ho etsa mehlala bakeng sa basebetsi bohle.
Karolo ya 195 (a) ya Molao wa Motheo e hloka hore ?ho ntshetswe pele le hore ho hlokomelwe hore ho na le boitshwaro ba boemo bo hodimo ba profeshenale? tsamaisong ya setjhaba ka kakaretso. Ho latela tumellano e kopanetsweng (Qeto ya 2 ya 1999 ya Lekgotla le Buellang la Tshebeletso ya Setjhaba ya Lehokela) basebetsi kaofela Tshebeletsong ya Setjhaba ba na le boikarabelo ba ho inyalanya le Molawana wa Boitshwaro e tsepamisitsweng. Hobane sena ke sona se bopang motheo wa sehlooho wa mohato wa tokiso le wa taolo, monga mosebetsi o lokela ho etsa mekutu yohle ho etsa bonnete ba hore dikahare tsa Molawana wa Boitshwaro di tsejwa ke basebetsi kaofela.
Ke ntlha ya bohlokwa ho boela re pheta hore sepheo sa sehlooho sa Molawana ke sepheo se setle, e leng ho ntshetsa pele boitshwaro boo e tla ba mohlala. Ho sa hanyetsanwe le sena, mosebetsi o tla fumanwa a le molato ka boitshwaro bo bobe ho latela Molao o boletsweng ka hodimo, mme ho ka nna ha sebetsanwa le yena ho latela karolo ya 18 ho isa ho ya 27 ho latela tokiso e entsweng Biling ya Ditokiso tsa Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 1997, ha e ba mosebetsi a tlola dipehelo dife kapa dife tsa Molawana wa Boitshwaro.
TATAISO DIPALLONG TSA MOLAWANA
KAMANO LE LEKGOTLA LE ETSANG MELAO HA MMOHO
Mosebetsi o lokela ho tshepahala Rephaboliki, mme a hlomphe Molao wa Motheo le ho ikamanya le ona phethahatsong ya mesebetsi ya hae ya letsatsi le leng le le leng.
Ha ho buuwa ka ?Rephaboliki? ka kakaretso ho utlwisiswe hore ho buuwa ka ?naha? e leng Afrika Borwa. Ke tlhoko ya motheo hore bahlanka bohle ba setjhaba ba tla lokela ho tshetjwa le ho tshepahala naheng ya habo bona.
Molao wa motheo o sebetsana le dikarolo tse ikgethang tse amanang le ditokelo ha mmoho le ditabatabelo tsa baahi bohle ba naha ena. Pallo ena ya Molawana ntlheng ya pele e hloka tshepahalo ya mosebetsi wa setjhaba pusong e teng hona jwale ya demokrasi. Matla a boholo ba Molao wa motheo a lokela hore a amohelwe le ho hlomphuwa ke batho bohle. Ntlheng ya boraro, mohlanka e mong le e mong ya sebeletsang setjhaba o lokela hore a be le kutlwisiso ka dikahare le sepheo sa Molao wa motheo e le mokgwa wa ho tlisa le ho tsamaisa taolo e teng.
Mohlala wa 1: Bahlanka ba setjhaba maemong a fapaneng ba ameha ka mokgwa o itseng tabeng ya ho etsa ditlhahiso tse mabapi le leano. Ditlhahiso tse jwalo di lokela hore di hlahlojwe hantle ka hloko ho tiisa hore di ke ke tsa hohlana le moya kapa le dipallo tse itseng tsa Molao wa motheo. Metheo ya molao wa motheo e tshwanang le kabelo ya setjhaba le ponaletso phinyeletsong ya tshebeletso e lokela le ho latellwa ka hohle ka moo ho kgonehang tshebetsong ya ho theha leano.
Mohlala wa 2: Karolo ya 33 ya Molao wa motheo e etsa monyetla wa hore batho bohle bao ditokelo tsa bona di amehileng hampe ka lebaka la diketso tsa tsamaiso ba na le tokelo ya ho fuwa mabaka a ngotsweng fatshe. Hona ho bolela hore mohlanka e mong le e mong wa setjhaba hore a kgeme le Molao wa motheo, o lokela ho netefatsa hore diqeto tsa tsamaiso le diketso di thehilwe hodima mabaka a utlwahalang, e le hore mabaka a jwalo a tle a nehelwe motho ofe kapa ofe ya amehang. Ka kakaretso hona ho bolela hore mehato yohle ya tsamaiso e lokela ho ba le boikemelo ba teko ya ponaletso.
Mosebetsi o tlisa pele tabatabelo tsa setjhaba phethahatsong ya mosebetsi ya hae.
Pallo ena e hlalosa hore moo diqeto di lokelang ho etswa kapa moo ho tshwanetseng hore ho sebediswe boinahanelo, ho tshwanetse hore ho lekolwe ntlha ya ho beha ditabatabelo tsa setjhaba ka pele. Ditabatabelo tsa mohlanka ya sebeletsang setjhaba kapa ditabatabelo tse ding tse amanang le tumelo tse itseng di lokela hore di seke tsa tliswa pele ho ditabatabelo tsa setjhaba.
Mohlala wa 1: Mosebetsi ya sebetsang ka matsoho ya sebetsang sepetlele o tlangwa ke kontraka ya hae ya mosebetsi ho sebetsa ho tloha ka 08:00 ho fihlela ka 16:30. Ha ho ditlhophiso tse entsweng mabapi le ho lefellwa dihora tse eketsehileng tsa ho sebetsa. Difefo tse puputlang di fefola mohlodi o moholo wa matla a motlakase o fepelang sepetlele mme dibaka tsa moo bakudi ba etswang diopereishene ho tsona di sebetsa ka motjhine o fehlang motlakase wa jenereitara. Jenereitara le yona e fana ka mathata mme motho ya etsang mosebetsi ona o laelwa ho tla etsa mosebetsi wa tlhokomelo wa nakong ya kuduwa jenereitareng ena ka 16:00. Mosebetsi enwa o tla lebellwa hore a phethe mosebetsi ona wa tlhokomelo leha mosebetsi ona o ka tswella ho tlola nako ya dihora tsa hae tsa mosebetsi tseo ho dumellanweng ka tsona.
Mohlala wa 2: Bongata ba moifo wa basebetsi ba ofising ya lebatowa ba bontsha thahasello ya ho nka nako ya bona ya phomolo ya lifi ya selemo nakong ya kgwedi ya Tshitwe. Ha e ba nako ena ya lifi e ne e ka dumellwa, hona ho ne ho bolela hore ofisi e ke ke ya kgona ho etsa mosebetsi o loketseng wa ho nehelana ka ditshebeletso setjhabeng. Mona ho tshwanetse hore ho be le boitelo bo itseng bo tla fihlelwa ke batsamaisi le basebetsi ba loketseng, bo kenyeletsang hore bahlanka ba bang ba tla lokela ho sala mosebetsing ho etsa bonnete ba hore ho na le phepelo ya tshebeletso ya ho ya ho ile.
Mosebetsi o phethahatsa ka botshepehi maano a Mmuso o teng nakong eo phethisong ya mesebetsi ya hae ya molao jwalo ka ha e fuperwe ke melao le melawana e meng.
Bili ya Ditokelo tsa Molao wa Motheo, hara tse ding, e sireletsa ditokelo tsa dipolotiki tsa moahi e mong le e mong wa naha, tse kenyeletsang tokelo ya mosebetsi ya ho kgema le ho ba setho sa mokga wa dipolotiki wa kgetho ya hae. Tsela ya dikgetho e tswala hore mokga wa dipolotiki o fumaneng divoutu tse ngata o amohele boikarabelo ba ho fana ka ditshebeletso tsa ofisi. Hona ho ka nna ha bolela hore tjantjello ya mosebetsi eo ya ikgethang wa setjhaba mohlomong ditakatso tseo e leng tsa hae ha di a phethahala sephethong sa dikgetho tseo. Sena se ka boela sa bolela hore tseo a neng a di habile, lenaneo la mehato e nkwang le maano a etswang ke Mmuso o teng nakong eo, ha di tsamaelane le ditabatabelo tsa basebetsi bao ba ikgethang ba setjhaba. Leha ho le jwalo basebetsi ba setjhaba ba lokela hore ba sebeletse Mmuso o kgethilweng wa nakong eo ka tsela e bontshang boitelo, le ka mokgwa o bohlale le ka botshepehi phethahatsong ya maano a jwalo.
Mohlala wa 2: Ha Mmuso o teng nakong eo o ntse o lekola ho ka phethahatsa morero o ikgethang mme ke boikarabelo ba mosebetsi ho fana ka keletso ya hore morero ona o ka phethahatswa hantle ka tsela e jwang, mme mosebetsi leha a sa dumellane le morero oo, o lebeletswe hore a behelle ka thoko maikutlo ao e leng a hae mme a etse qeto e hlokang kgahlamelo ya maikutlo a hae, ka ho tadima feela dikgetho tse fapafapaneng tse teng le melemo ekasitana le mathata a kgetho e nngwe le e nngwe, le katamelo e nepahetseng ya baahi ba amehang.
Mosebetsi o tsitlallela hore a tsebe le ho ikamanya le melao le ditaolo tse ding tse amanang le boitshwaro ha mmoho le mesebetsi ya hae.
Basebetsi hore ba tle ba kgone ho sebeletsa Mmuso o teng nakong eo ka botshepehi le ka mokgwa o motle, ekasitana le ho sebeletsa setjhaba, ba tla hloka hore ba tsebe se fuperweng ke mosebetsi wa bona, maano ho latela ka moo mesebetsi ya bona e lokelang hore e etswe ka teng le mehato e lokelang ho latelwa.
Bahlokomedi ba jara boikarabelo ba ho netefatsa hore basebetsi ba tseba dikahare tsa mosebetsi wa bona. Basebetsi le bona ba na le boikarabelo ba ho etsa mekutu ya hore ebe basebetsi ba nang le tsebo, ba nang le bokgoni ba ho etsa mosebetsi wa bona hantle le ho latela maano a tsepamisitsweng le mehato e loketseng tikolohong ya bona ya mosebetsi; ho latela ditabatabelo tsa setjhaba le baahi ba sebeletswang.
Mohlala wa 1: Ka nako e nngwe ho etsahala hore mohlanka a ananele theko ya theepa ntle le kananelo e hlokehang ya Balaodi ba ditjhelete ka lebaka la hobane a sa tsebe dipehelo tse teng tsa tsamaiso ya ditjhelete tshebeletsong ya setjhaba. Ketso e jwalo e tla be e hlalosa tshebediso ya tjhelete ntle le tumello e hlokehang mme mohato oo o ka tswala nyewe ya molao e senyang le e qosang ditjhelete tse ngata le ditseko tsa ditjhelete tsa ditshenyehelo.
Mohlala wa 2: Ka lebaka la kgaello ya tsebo, mosebetsi o fana ka lesedi le fosahetseng ho motho ya neng a tlilo kopa tjhelete ya penshene ya boqheku mabapi le ditlhoko hore a kgone ho fumana penshene, tsela eo a lokelang hore a e latele ha etsa kopo kapa tjhelete e mo tshwanetseng ya penshene. Ketso ena e ka tlisa ditholwana tse bohloko ho motho eo.
Mosebetsi o sebedisana le mekgatlo e sebeletsang setjhaba e thehilweng tlasa molao le Molao wa motheo ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa setjhaba.
Ho thehilwe dibopeho tse ngata tlasa Molao wa Motheo (Mosireletsi wa Setjhaba, Mohlakisi wa kakaretso, Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba, Khomeshene ya Tekano ya basadi le banna jwalo jwalo) ho boetse ha thehwa ka molao le (Boto ya dithendara, diKhomeshene tsa diphuputso le tse ding). Tsena tsohle tse thehilweng di thusa ho bona hore tsohle di tsamaiswa ka tsela e ntle. Bahlanka ba setjhaba ba lokela hore ba seke ba nka dibopeho tsena tse thehilweng ka mokgwa o fosahetseng, empa ba di thuse ho etsa mesebetsi ya tsona, ka hore mohlomong, ba nehelane ka lesedi le ditlhaloso tsohle tse ka hlokehang.
Mohlala wa 1: Ha Ofisi ya Mosireletsi wa Setjhaba e kopuwa ke motho e mong ya tswang setjhabeng hore e fuputse tletlebo e itseng ya lefapha la Mmuso, ofisi ena e tla lebella tshebedisano ya basebetsi ba lefapha ho nehelana ka lesedi lefe kapa lefe le hlokehang.
Mohlala wa 2: Ha Mohlakisi wa kakaretso a fumana ho na le moo ditjhelete di sa tsamaiswang ka nepo lefapheng, bahlanka ba tshwanetseng ba lefapha ha ba lokela hore ba seke ba nka tseo ba di fumaneng ka tsela e fosahetseng. Ba lokela ho utlwisisa le ho ananela seabo sa Mohlakisi wa kakaretso le ho sebedisana ka botlalo le Ofisi ya Mohlakisi wa kakaretso ho hlakisa moo mathata a leng teng.
Mosebetsi o kgothaletsa kopano le bophelo bo botle ba setjhaba sa Afrika Borwa ka ho phethisa mesebetsi ya hae ya molao.
Ketapele ya Molao wa Motheo e hlalosa hore kamohelo ya Molao wa motheo e reretswe ho ?
phekola diphapano tsa nakong e fetileng le ho theha setjhaba se itshetlehileng makgabaneng a demokrasi, toka setjhabeng le ditokelo tsa botho tseo e leng tsona tsa mantlha;
beha metheo ya setjhaba sa demokrasi le se bulehileng moo Mmuso o thehilweng ho latela takatso tsa batho ebile moahi e mong le e mong a sireleditswe ke molao ka tsela e lekanang le ya ba bang;
ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi bohle le ho lokolla bokgoni ba motho e mong le e mong; le ho haha Afrika Borwa e kopaneng ha mmoho ebile e na le demokrasi e kgonang ho nka sebaka sa yona se loketseng jwalo ka Mmuso o phethahetseng malapeng a ditjhaba.
Ho hlokeha hore moahi e mong le e mong a etse mekutu e tsepameng le e nang le sepheo hore ho tle ho fihlellwe le ho boloka ditabatabelo tse hodimo tse behilweng ke Molao wa Motheo. Bahlanka ba setjhaba ntle le qeaqeo ba bonwa e le karolo ya ?Mmuso?, ka hoo ntlha ena ke ya bohlokwa le ho feta ka lehlakoreng la bona.
Mohlala wa 1: Moya o motle wa ho sebetsa ha mmoho, dikamano tse ntle tsa ho tswakatswakana le ba bang le hore ho rene tikoloho e monate ka kakaretso, moo batho ba thuswang ka tsela ya profeshenale moifong wa basebetsi ba tswang dihlopheng tse fapaneng tsa setjhaba tse sebetsanang le setjhaba ka ho otloloha, basebetsi ba tla fetoha mohlala wa setjhaba ka kakaretso. Mohlala o motle ke Ofising ya moo ho fanwang ka ditokomane tsa Boitsebiso (ID) le diphasepoto.
Mohlala wa 2: Mosebetsi o lokela hore a leke ho ingodisetsa thuto moo a tla ithuta e nngwe ya dipuo tsa molao tsa mmuso tse sebediswang sebakeng seo. Mosebetsi o lokela ho kgothaletsa botoloki ba dipuo tse ding tsa mmuso kopanong ya moo sena se hlokehang.
Mosebetsi wa setjhaba o tla sebeletsa setjhaba ka tsela e sa kgeseng le ka mokgwa o hlokang leeme e le ho tlisa tshepo tshebeletsong ya setjhaba.
Tshebeletso ya setjhaba e sebeletsa setjhaba ka kakaretso mme setjhaba se lebeletse ho fuwa tshwaro e lekanang, le ho sebeletswa hantle, ka mokgwa wa profeshenale le o nang le setswalle. Basebetsi ka hoo ba lokela hore ba fihlele tebello ena ka ho fana ka tshwaro e lekanang basebetsing ba bang bao ba sebetsang le bona le ho batho ba sebeletswang, mme ho sebetswe ka mokgwa o sa tlo tlisa feela tshepo tshebeletsong ya setjhaba, empa o tla theha kananelo ya boleng le tshebetso e ntle ditshebeletsong tseo ho fanwang ka tsona.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o sebetsa lefapheng moo ho lekolwang dikopo tsa setjhaba tsa ditshebeletso tse ding tse itseng. Mohahisani le mosebetsi enwa wa mona o lemohile hore a ka kgona ho tlisa tshusumetso tshebetsong ena mme o leba ho mosebetsi enwa moo a fihlang a kopa hore a potlakise kopo ya hae. Mosebetsi o tla lokela hore a lekole boemo bona ba ditaba ka tsela e hlokolosi haholo, hobane mohato ofe kapa ofe o ka nkuwang ho thusa mohahisani o ka nna wa bonwa e le ho fana ka thuso e kgethollang mohahisani ho batho ba bang ba entseng dikopo.
Mohlala wa 2: Mosebetsi o lokela hore a kope batho bao a ba thusang hore ba eme moleng, e le hore e mong le e mong a tle a fuwe sebaka ha nako ya hae e fihlile ya hore a thuswe, ntle le hore motho ofe kapa ofe a fuwe thuso moo ho kgethollwang ba bang kapa ntle le hore ho bonahale eka mosebetsi o etsa jwalo.
Mosebetsi ke motho ya ipotlileng, ya thusang le ya kgonang ho ka fihlelleha ka tsela e bobebe bo utlwahalang moo a sebetsanang le setjhaba, mme ka dinako tsohle o lokela hore a fane ka tshwaro ho batho e tshwanang le ya bareki ba nang le tokelo ya ho amohela tshebeletso ya maemo a hodimo.
Ke ntlha ya bohlokwa hore basebetsi ba lemohe hore ka ho kena mosebetsing wa tshebeletso ya setjhaba, ba itlamme ho sebeletsa batho kaofela.
Setjhaba se lebeletse ho sebeletswa mme se hloka basebetsi hore ba dule ba fumaneha ho ba thusa ka mokgwa o nang le setswalle le o sebetsang hantle.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o amohela mohala wa founu o tswang ho motho e mong empa ho hlakile hore potsisiso e jwalo e lokela hore e arabelwe ke karolo e nngwe kapa lefapha le leng. Mosebetsi o bolella motho eo hore a leke nqa e nngwe. Hona ho ka nna ha tswala hore motho enwa eo e leng e mong wa setjhaba, a lebiswe bathong ba bangata ba fapaneng ntle le hore a thuswe. Ho etsa tjena ha se ho thusa motho mme ketso ena e fana ka setshwantsho se fosahetseng sa tshebeletso ya setjhaba. Mosebetsi o lokela hore a intshe sehlabelo sa ho fumana hore ke mang motho ya loketseng kapa ke lefapha lefe le loketseng mme a boele a founele motho eo ya neng a hloka thuso hape.
Mohlala wa 2: Ha ho fanwa ka thuso ya tshebeletso ya khaontareng, mme mosebetsi e mong ya itseng a hloka motho ya keneng moleng o tlang khaontareng ya hae ho tla fumana thuso ha mosebetsi e mong ya sebetsang le yena a na le batho ba emeng mola o molelele ba emetseng ho fuwa thuso. Mosebetsi ya jwalo o lokela ho thusa mosebetsi ya sebetsang le yena ha mmoho le setjhaba ka ho bitsetsa batho khaontareng ya hae ha e ba a na le tsebo e phethahetseng ya tshebeletso e loketseng.
Mohlala wa 3: Ha eba motho e mong ya tswang setjhabeng a leba ho mohlanka ho etsa peheletso ka molao hore a tle a kgone ho mmona, mohlala, mohlomong a batla ho fumana lesedi mabapi le ditlhoko tsa ho fumana matlo a mmuso, mohlanka enwa o lokela hore a leke ho mo etsetsa sebaka moralong wa hae hore a mmone ka potlako ka moo ho ka kgonehang ka teng. Ntho ena e ke ke ya bontsha feela ho kgona ho fumaneha ha basebetsi ba setjhaba empa e tla bontsha le boikemisetso ba bahlanka ba setjhaba ba ho batla ho fana ka tshebeletso.
Mosebetsi o tsotella maemo a ditaba le matshwenyeho a setjhaba ha a phethisa mosebetsi wa hao wa molao leha a etsa diqeto tse ba amang.
Leha ditlhoko le kapa dingongoreho tsa batho di ke ke tsa bonahala di na le moelelo mahlong a basebetsi jwalo ka ha beng ba tsona ba nahana, basebetsi ba lokela hore ba thuse ka maikutlo a phodileng le ka tsela e ntle ho fana ka lesedi kapa tataiso ho tlisa tharollo mathateng ana a bona.
Dingongoreho tse hlahisitsweng ke batho ka bomong ba bona kapa ka dihlopha, di lokela ho nkellwa hloohong. Ka ho latela tsela ya ditherisano le e bonaletsang ha o sebetsana le ditaba tsena ketso eo ya hao e tla nyehela haholo ntlheng ya ho etsa monyetla wa ho nkella hloohong maemo le dingongoreho tsa setjhaba.
Mohlala wa 1: Ho ntse ho lohothwa taba ya tliniki ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ba mantlha bakeng sa batho ba metseng eo eseng ya diteropo empa ho boetse ho na le mokgwa o mong o ka sebediswang wa ho fana ka koloi e tla tsamaya hohle e tsamaisa ditshebeletso tsena tsa bophelo bo botle. Baahi ba lokela hore ba reriswe ho fumana seo bona ba tla se thabela ho feta. Ketso ena e tla tiisa hore ho etswa qeto e ntle le hore baahi ba kenyeleditswe diqetong boemong bo qalang.
Mohlala wa 2: Mohlanka wa setjhaba o ikarabella dikopong tsa tjhelete tsa thuso ya matlo a batho ba neng ba ntse ba le ka mosing ba dulang kampong ya batho ba hlommeng feela bodulo bo sa tsitsang. Ha dikopo tsena di sa sebetswe ka potlako le ka tsela e ntle, ntho ena e ka nna ya bolela hore morero ohle wa matlo o sitisehile le ho diehiswa mme batho ba tla lokela ho phela maemong a fokolang bakeng sa nako e telele ho feta ka moo ho neng ho tshwanetse ka teng ha e ba ho ne ho fanwe ka tshebeletso e potlakileng ho feta.
Mosebetsi o tlanngwe ke tshebeletso e tliswang ka nako ya ntshetsopele le ho phahamisa baahi ba Afrika Borwa kaofela.
Mmuso o teng o se o ile wa hlahisa boikemisetso ba ona ba ho tsepamisa maikutlo ntlheng ya ho phahamisa ditjhaba tseo nakong e fetileng di neng di ntse di le ka mosing, ho latela Lenaneo la Kaho e ntjha le Ntshetsopele. Ntho ena e lokela hore e phethiswe ke mafapha kaofela ka metjha ya ona ya tshebetso.
Afrika Borwa ke naha e ntseng e tswela pele mme karolo ya yona e kgolo ya setjhaba, ka mabaka a fapafapaneng, e hloka tsebo ya ditokelo tsa bona le boitlamo ba bona, ditshebeletso tseo ba nang le tokelo ya ho ba le tsona, mehato eo ba lokelang ho e latela le hore ba lokela ho leba ho mang tabeng ena. Hobane tshebeletso ya setjhaba e sebeletsa batho kaofela ba yona, basebetsi ba tlameha ho thusa setjhaba sena se hlokang tsebo, ho ba nehela lesedi kaofela leo ba le hlokang, tataiso le thuso eo ba ka e hlokang. Ntho ena e lokela hore e etswe ka mokgwa o motle le ka tsela e phethahetseng, leha sena se bolela hoba fetisetsa moo ho nepahetseng ka mokgwa o nang le setswalle.
Mohlala wa 1: Basebetsi ba lokela ho kenya letsoho mananeong a ntshetsopele le a ho phahamisa batho ba bang a fumanehang mafapheng a bona. Ba lokela hore ba tjantjelle mosebetsi wa bona mme ba netefatse hore mananeo a jwalo a phethahatswa ka mkgwa o sebetsang le o motle le hore mosebetsi o etswa kahare ho moralo wa nako o behilweng.
Mohlala wa 2: Basebetsi ha ba sebetsana le batho boemong ba tlhokomelo ya bophelo bo botle, ba lokela ho sebedisa monyetla ona ho nehelana ka tshebeletso ya keletso e phethahetseng ha e ba ba na le pelaelo ya hore tsebo ya bona ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ba mantlha e a haella. Moo basebetsi ba sa kgoneng ho fana ka thuso e hlokehang ka bobona, ba lokela hore bonyane ba fetisetse motho eo ho mosebetsi mmoho le bona ya loketseng, moo motho enwa a tla fuwa thuso e nepahetseng kapa a tataiswe hantle.
Ha ho moo mosebetsi a loketseng hore a kgetholle motho ofe kapa ofe ka mabaka a botjhaba, taba ya hore ke mosadi kapa ke monna, a morabe kapa maemo a bophelo a moo a tswang teng, mmala, tshekamelo ya hae ya bong, dilemo, kgolofalo, tumelo, dipolotiki tseo a di latelang, letswalo, seo a dumelang ho sona, setso kapa puo.
Jwalo ka ha ho se ho ile ha bolelwa, tshebeletso ya setjhaba e sebeletsa batho kaofela le ditjhaba, ho sa natswe hore ke bo mang Afrika Borwa. Motho e mong le e mong ya tswang setjhabeng o na le tokelo ya molao wa motheo ya hore a fuwe tshwaro e nang le seriti. Basebetsi ba hloka hore ka lebaka leo ba tshware batho hantle ka ho lekana, ka tsela ya setswalle le tshebetso e kgabane, ho etsa hore ba ikutlwe ba amohela mofuta wa tshebeletso e ba loketseng.
Mohlala wa 1: Mosebetsi mohlomong a ka belaela hore motho ya tlileng moo o hloka ho thuswa ka tshebeletso, mohlala, ke tarasi (gay). Leha ho ka etsahala hore ebe sena ha se amohelehe ho latela maikutlo a mosebetsi boyeneng ba hae, o lebeletswe hore a nehelane ka tshebeletso ya boemo bo tshwanang ya profeshenale e neng e tla fuwa motho ofe kapa ofe ya tswang setjhabeng.
Mohlala wa 2: Batho ba bangata ba eme moleng mme e mong wa batho ba nang le tshusumetso e kgolo setjhabeng o a fihla mme o lebeletse hore a thuswe ka potlako. Ha e ba mosebetsi ya nehelanang ka tshebeletso mona a ka dumella motho eo ho tlola ba bang mme a fetele pele, sena se tla bolela hore o kgetholla batho ba bang bao e leng kgale ba le moo ba emetse ho thuswa.
Mosebetsi ha a sebedise boemo ba hae tshebeletsong ya setjhaba ho ntshetsa pele kapa ho beha ka mosing ditabatabelo tsa mokga ofe kapa ofe wa dipolotiki kapa sehlopha se seng se ratwang.
Ho hlakile hore hobane tshebeletso ya setjhaba e sebeletsa batho kaofela, bao hara bona ho nang le ba welang dihlopheng tse fapafapaneng tse ratwang, mekgeng ya dipolotiki le bathong ba nang le ditumelo tse fapaneng le tsa ba bang, jwalo jwalo, basebetsi ba setjhaba ha ba lokela ho amana le ditaba dife kapa dife tse ka bonwang di bontsha tshekamelo e lebileng ka lehlakoreng le leng ho feta le leng.
Ho latela tshebeletso ya setjhaba, bohle ba tlang ho yona ba lokela ho sebeletswa ka ho lekana le ho latela maano a Mmuso o busang. Mosebetsi o lokela ho utlwisisa ka mokgwa o hlakileng hore ho na le phapano dipakeng tsa boikarabelo ba hae Mmusong o busang le ho ameha ka tsela e otlolohileng ditabeng tsa mokga wa dipolotiki.
Mohlala wa 1: Mosebetsi ke setho sa mokgatlo o itseng wa botjhaba o keneng lebelong la tlhodisano ya ho fumana thuso ya Mmuso ka motheo wa selemo le selemo. Mosebetsi mohlomong o boemong bo hodimo mosebetsing wa lefapha le lokelang ho lekola, ho sebetsa le ho fana ka ditlhahiso tse nang le mabaka a hlohlomisitsweng hantle ho Letona le lokelang. Mosebetsi ya jwalo ho hang ha lokela hore a sebedise boemo ba hae ba mosebetsing ho tshehetsa kopo ya mokgatlo ona oo e leng setho sa ona ka mokgwa ofe kapa ofe, kapa ho beha ka mosing dikopo tsa mekgatlo e meng eo eseng ya hae. Mosebetsi ya jwalo o lokela hore a phatlalatse ditabatabelo tsa hae ho mohlokomedi wa hae ho thibela monyetla wa kgohlano kapa ho ka bonwang e le kgohlano ya ditabatabelo.
Mohlala wa 2: Basebetsi ba lebeletswe hore ba tshehetse ka diketso Matona kapa Matona a diporovense ho hlophisa ditokomane, jwalo jwalo, tse tla sebedisetswa mabaka a mmuso; a jwalo ka dingangisano tse lokelang ho tshwarwa tabeng ya molao o lohothwang. Basebetsi leha ho le jwalo, ha ba lokela ho amana le ho lokisa le ho rala ditokomane tse tla sebediswa ke Letona kapa Letona la provense bakeng sa mabaka a mokga wa dipolotiki.
Mosebetsi o hlompha le ho sireletsa seriti sa motho e mong le e mong le ditokelo tsa hae jwalo ka ha di fuperwe ke Molao wa motheo.
Basebetsi ba lokela ho itshwara ka mokgwa o bontshang tlhompho ho bohle bao a sebetsang le bona le setjhabeng, ho sa tsotelehe hore ke bo mang, ba shebahala jwang, ba boemong bofe, jwalo jwalo. Boitshwaro ba mosebetsi bathong ba bang e tshwanetse hore ebe bo bontshang setswalle, a fane ka thuse le hore a sebetse hantle.
Mohlala wa 1: Ha e ba basebetsi ba nehelanang ka tshebeletso khaontareng ba etelwa ke motho e mong ya fihlang moo a nwele ba kgaeyane ebile a hlodiya, ba lokela hore ba thuse motho eo ka tsela eo ba ntseng ba hlola ba thusa batho ba bang ka yona, le ho theola maikutlo le ho mo thusa hantle. Ke ntlha ya bohlokwa hore le hopole hore batho ba tonetse boemo bona ba ditaba mahlo le hore basebetsi ba ka ntlafatsa setshwantsho sa tshebeletso ya setjhaba ka ho sebetsa ka mokgwa wa profeshenale. Ha boemo bona bo sa laolehe mme basebetsi ba iphumana ba tjamelane le bothata ba taolo, ha ba lokela ho sebedisa maikutlo tharollong ya bothata bona, empa ba lokela hore feela ba ise motho enwa ho mohlokomedi wa bona, eo yena a tla sebetsana le yena ka tsela e poraefete.
Mohlala wa 2: Batho ba hlohleletswa ke mathata a tlhokeho ya tjhelete ho etsa kopo ya menyetla ya melemo ya thekolohelo. Bahlanka ba ikarabellang thusong ya bona ka diforomo tsa dikopo tse hlokehang ba lokela hore ba sekehele tsebe maemo ana a bona le ho ba thusa ka kutlwelobohloko.
Mosebetsi o lemoha tokelo ya setjhaba ya ho fumana lesedi, ntle le lesedi leo ka ho ikgetha e leng le tshireleditsweng ka molao.
Molao wa motheo o etsa monyetla wa mahlakore a mabedi mabapi le taba ya ho fumana lesedi. Lehlakore la pele ke ho ntshetsa pele ponaletso e tla dumella baahi bohle ho fumana ka mokgwa o utlwahalang lesedi kaofela le molemong wa setjhaba. Sena se tla ba thusa ho itahlela ka setotswana ha ho etswa maano ao ba batlang ho a bona a phethahatswa. Ntlheng ya bobedi, dipallo le tsona di rerile ho etsa hore baahi ba kgone ho sireletsa tse ding tsa ditokelo tsa bona tsa mantlha jwalo ka ha ho nehelanwe ka tsona Biling ya Ditokelo. Ba ka nna ba kopa mabaka a ngotsweng bakeng sa mohato ofe kapa ofe wa tsamaiso o ba amang ka tsela eseng monate. Ho feta mona, ba ka kopa lesedi lefe kapa lefe ka morero wa ho tshireletsa ditokelo tsa bona.
Jwalo ka ha mohlanka e mong le e mong ya sebeletsang setjhaba a lemohile, ho fumana hore ke lesedi lefe le molemong wa setjhaba ke taba e batlang e le boima. Lesedi le leng le itseng le nkuwa e le lesedi le tshireleditsweng le lokelang ho laolwa ke mafapha ho latela Tataiso tsa Maemo a Lekaneng a Tshireletso ya Lesedi jwalo ka ha e hlahisitswe ke Boemedi ba Mahlale a Naha (National Intelligence Agency). Bili ya Demokrasi e Bulehileng le yona e rerile ho theha moralo o loketseng oo ka ona taba e tla lokela hore e laolwe ke mafapha. Ntlha ena e boetse e thatafatswa ke Molao wa Dikamano tsa Basebetsi wa 1995 o etsang monyetla wa mekgwa e ikgethang e dumellang bahlanka ba sebeletsang setjhaba ho ka fihlella lesedi le matsohong a Mmuso jwalo ka monga mosebetsi e le ho sireletsa ditokelo tse itseng tsa mosebetsi tsa basebetsi.
Mooko wa ditaba tsena o ka akaretswa ka tsela e latelang:
Basebetsi ka dinako tsohle ba lokela ho ananela tokelo ya setjhaba ya ho fumana lesedi.
Lefapha le leng le le leng le lokela hore le be le leano le tshwanelehileng le tsamaelanang le molao o loketseng wa naha ho laola taba ena kahare ho mekgatlo ya bona ka ho fapana.
Basebetsi ba lokela ho lemoha melao le leano le laolang taba ena kahare ho mafapha a bona.
Mabaka a sena le tsela e latetsweng e ileng ya tswala mohato wa tsamaiso ke dintho tse lokelang hore di ngodiswe ka tsela e nepahetseng e le hore lesedi le tle le fumanehe ha e ba le hlokeha.
Ha e ba motho ya tswang setjhabeng a ke ke a kgona ho fuwa lesedi leo a le kopileng, ho tshwanetse hore ho fanwe ka mabaka a amohelehang a qeto e jwalo ho motho eo.
Mohlala wa 1 : Ke ntlha ya bohlokwa hore setjhaba se fuwe lesedi ka nako. Ha e ba motho a kopile lesedi ka taba ya ho fumaneha ha dibasari empa lesedi leo a le fumana ka morao hoba boingodiso bo kwalle selemong seo sa dithuto, sepheo sa ho fana ka lesedi le jwalo se tla be se sa fihellwa ho hang.
Mohlala wa 2: Ho fumaneha ha lesedi ho boetse ho hlalosa hore lesedi le lokela hore le hlokomelwe mme le ntjhafatswe kgafetsa. Ha ho ka etsahala hore setho sa palamente se kope lesedi le itseng mabapi le dingangisano tseo ho tshwaranweng le tsona ka palamenteng, ha lefapha le hloka ho nehelana ka lesedi le nepahetseng le le ntjhafaditsweng ka nako, ketso ena e ka thefula tsela ya demokrasi.
Mohlala wa 3: Ho fana ka lesedi le sa nepahalang ke ntho eo le yona e ka bakang mathata a maholo. Setjhaba, ha ho etswa mohlala, se ka nna sa botsa ka morero o motjha o kenngwang tshebetsong oo ditlha tsa ona di esong ho ananelwe ke balaodi ba loketseng. Mosebetsi ya sa tsebeng sena, empa a na le lesedinyana la dintlha tse qalang tsa morero ona a ka nehela setjhaba lesedi leo eseng la molao. Tshebeletso ya setjhaba e ka iphumana e tlontlolehile ha diphetoho di etswa morerong ona mme morero ona o qetella o phethilwe ka mokgwa o fapaneng le oo setjhaba se neng se o lebeletse ka ona.
DIKAMANO MAHARENG A BASEBETSI
Mosebetsi o lokela ho sebedisana le basebetsi ba bang ho ntshetsa pele ditakatso tsa setjhaba.
Ke ntlha ya bohlokwa hore basebetsi kaofela ba lemohe hore ba sebeletsa sepheo se le seng se tshwanang, e leng ho sebeletsa Mmuso o busang le setjhaba ka tsela e babatsehang le e tshepahalang ka hohle ka moo ho kgonehang ka teng. Basebetsi ba lokela hore ka hoo, ba etse matsapa a ikgethang ho sebedisana le ba bang. Ka ho thusana le ho tshehetsana le ho arolelana tsebo, mehopolo ekasitana le mehlodi (moo ho tshwalehileng), basebetsi ba tla kgona ho sebetsa hantle ho feta le ho sebetsa molemong wa Mmuso le wa setjhaba.
Mohlala wa 1: Ke ntho ya bohlokwa ho lemoha boikemisetso kapa sepheo se akaretsang sa tshebeletso ya setjhaba le ho utlwisisa hore karolo e nngwe le e nngwe e nyenyane e phethahatswang, e kenya letsoho hore bohle ba fumane molemo. Ka hoo mosebetsi o lokela hore a amohele mehopolo le ditlhahiso tsa ba sebetsang le yena ba hlahang dikarolong tse ding. Ha ho na sebaka sa hore basebetsi ba honohelane kapa ho be le bofokodi ba ?sutha sebakeng seo ke sebetsang ho sona? tshebeletsong ya setjhaba.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a lemoha hore tlhoko e itseng e ka kgotsofatswa hantle feela ke ha e ba ofisi ya hae e sebedisana le e nngwe, mosebetsi o lokela hore a etse makgobonthithi a hore a fumane lesedi ka taba ya tshebedisano e jwalo, le ha e ba bahlanka ba ofisi e nngwe ba hloka tshebedisano le yena qalehong.
Mosebetsi e mong le e mong o phethisa ditaelo tse utlwahalang kaofela tse tswang ho batho bao ka molao ba behilweng hore ba nehelane ka ditaelo tse jwalo, ha feela ditaelo tseo di sa hohlane le dipallo tsa Molao wa Motheo kapa molao ofe kapa ofe o mong.
Ke ntlha ya bohlokwa hore basebetsi ba phethise ditaelo tse utlwahalang kaofela tseo ba di fuwang, e le ho netefatsa hore setjhaba se fuwa tshebeletso ka mokgwa wa sebopeho se setle le o tsamaiswang hantle. Mekgatlo e meholo e jwalo ka mafapha a tshebeletso ya setjhaba e ka kgona feela ho sebetsa hantle ha ho na le metjha e nepahetseng ya taolo e hlomphuwang ke ba banyenyane. Ha ditaelo kaofela tsa molao di phethiswa ka nako le ka mokgwa o motle, mokgatlo kaofela o tla sebetsa hantle.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o amohela taelo ho mookamedi wa hae wa tsamaiso kapa wa dipolotiki hore a etse ho hong ho sa dumellwang ke dipallo tse tsamaisang tshebeletso ya setjhaba. Mosebetsi o lokela hore a tsebe hore melao ke efe le hore maemong a jwalo o lokela hore a bontshe mookomedi wa hae hore mohato oo o lohothwang ha se mohato wa molao. Ha e ba mookamedi a ntse a mo pheheletse ka taelo e jwalo, a kope hore a fuwe taelo ena ka tsela e ngotsweng fatshe, le yena a ngole mme a hane taelo eo mme a tswele pele ho tlaleha taba ena ho balaodi ba tshwanetseng.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a laelwa ke mookamedi hore a kenye ditokomane tsa ho reka sesebediswa moo mehato e tshwanelehileng ya ho thendara e sa kang ya latelwa, mosebetsi a ka kopa hore taba ena e fetisetswa ho mohlanka ya ikarabellang ho tsa ditjhelete hore ebe yena ya etsang qeto.
Mosebetsi o lokela ho qoba hore a bontshe tshekamelo ho batho ba habo le metswalle mesebetsing e amanang le mosebetsi mme a seke a sebedisa hampe matla a hae kapa a susumetsa mosebetsi e mong kapa a susumetswa ho sebedisa matla ao a nang le ona ka tsela e fosahetseng.
Tshebeletso ya setjhaba e lokela hore e kgethe, e kgothaletse le ho putsa mosebetsi ya nang le bokgoni ba ho nehelana ka tshebeletso, ntle le maikutlo a hae a dipolotiki kapa mekgatlo eo a e kenetseng, dikamano tsa lelapa kapa boemo ba hae setjhabeng. Ditlwaelo tse latelang ha di amohelehe:
a Ho sebetsa ka leeme ? mona ho bolelwa hore basebetsi ba bang ba kgethollwa mme ba kgethelwe mesebetsi e itseng, ba fuwe maemo a ka pele, ba tloswe moo ba leng teng ho iswa nqa tse ding, kapa ba tshwarwe ka mokgwa o ikgethang ka lebaka la maikutlo a itseng a tshwanang le a setswalle, ho buseletsa molemo o itseng, jwalo jwalo.
b Ho sebeletsa wa heno ? hona ho bolela hore mosebetsi o kenngwa mosebetsing, a fetisetswe maemong a mang a hodimo, a iswe sebakeng se seng kapa a etsetswe molemo o mong ka lebaka la hobane ho na le dikamano tsa lelapa kapa ho na le maqhama a mang le motho ya boemong bo itseng ho ka matlafatsa bohato bo jwalo kapa ho etsa hore dintho di tsamaye ka moo a batlang kapa ho sebedisa tshusumetso mokgweng o sebediswang.
Mohlala wa 1: Basebetsi ba babedi (mosebetsi wa A le wa B) ba kena moifong wa mosebetsi wa tshebeletso ya setjhaba. Ba behwa boemong bo tshwanang, ke metswalle e meholo mme ba sebeletsa ka ofising e le nngwe. Mosebetsi wa B o phahamisetswa maemong a hore ebe mohlokomedi wa monghadi A. Qetellong, o boemong ba ho abela monghadi A mesebetsi ?e ikgethang?, e le hore a tle a kgone ho bontsha diketsahalo tse qoholehileng ho feta bakeng sa dintlha tsa maemo a hae tse hlahetseng ho feta ba sebetsang le yena. Ha nako e fihla ya hore monghadi A a hlahojwe bakeng sa dintlha tsa boemo ba hae, e leng tlhatlhobo e tsamaiswang ke Monghadi B ka mafolofolo le ho kgetha lehlakore, o fumana maemo a phatsimang ho feta, empa ho sa hlokehe hore a fumane maemo a jwalo.
Mohlala wa 2: Mosebetsi o kena tshebetsong ya ho hlwaya motho bakeng sa ho fuwa mosebetsi tshebeletsong ya setjhaba. Mosebetsi o hlwaya motho eo e leng motswalle wa hae, setho sa mokga wa dipolotiki oo le yena a leng ho ona kapa setho sa sehlopha sa morabe o ikgethang. Ntho ena e tshwana le ya hore dikgalapa di a buseletsana, e leng ntho e hohlanang le morero wa Molao wa motheo le ditabatabelo tsa Mmuso.
Mohlala wa 3: Ho na le ditsela tse ngata tseo mosebetsi a ka sebedisang hampe boemo ba hae bo hodimo mosebetsing. Mohlala, basebetsi ba laolang sebaka seo dikoloi di emiswang ho sona ba fuwe ditaelo tse hlakileng tsa hore sebaka sa kemiso ya makoloi se behetswe feela bahlanka ba maemo a hodimo le baeti ba mmuso. Leha ho le jwalo, hlooho ya ofisi ena e fetola ditaelo tsena mme e dumella molekane wa yona ho emisa koloi sebakeng sena kgafekgafetsa. Mohato o jwalo o etsa hore basebetsi ba lahlehelwe ke tlhompho ya melawana le ya bahlanka ba maemong a hodimo, mme ke ntho e senyang tsamaiso e ntle ya mokgatlo.
Mosebetsi o sebedisa metjha e nepahetseng ho hlahisa ditletlebo tsa hae kapa o sebedisa boemo bo otlolohileng.
Leha ho amohelehile hore kgafetsa jwalo ho dule ho na le ditletlebo le diqabang tse bang teng mosebetsing wa tshebeletso ya setjhaba, ke ntho e molemong wa mosebetsi ya tletlebang le monga mosebetsi (le setjhaba) hore ditletlebo tse jwalo le diqabang di rarollwe dipakeng tsa mahlakore a amehang ka potlako ka moo ho ka kgonehang ka teng. Ha tletlebo kapa qabang e le teng, ke ntlha ya bohlokwa hore tse latelang di dule di ntse di hopolwa:
a Tletlebo kapa qabang e ka rarollwa hantle feela ha e ba mahlakore a tletlebang kapa a nang le qabano a buisana ka morero wa ho tlisa poelano.
b Ha ho na le tletlebo kapa qabang mosebetsi a ka sebedisa metjha e latelang:
i Mehato ya tsamaiso ya tletlebo lekola karolo ya 35 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994 ha e balwa le Melawana ya ho sebetsana le dillo le ditletlebo tsa bahlanka ba Tshebeletso ya Setjhaba, Molawana wa nomoro ya 6575, wa mohla la 5 Phupjane 1999 ho latela hore ke mosebetsi ofe kapa ofe ya tlisitseng tletlebo kapa qabang ho mohlokomedi ya haufi ya lokelang hore a fetisetse tletlebo ena balaoding ba maemo a hodimo ho feta ha e ba mohlokomedi a sa atlehe tharollong ya tletlebo kapa qabang eo.
Mohlala wa 1: Mohlokomedi o fana ka pehelo e fosahetseng mabapi le tshebetso ya mosebetsi nakong eo ho etswang tekolo ya mosebetsi wa basebetsi ntle le hore a nehele mosebetsi enwa monyetla wa ho hlalosa lehlakore la hae. Sena ha se dumellane le metheo e sebediswang ya dikamano tsa basebetsi ka kakaretso. Mohlokomedi wa tshebeletso ya setjhaba o lokela hore a lemohe hore tshebeletso ya setjhaba e tshwanela ho fana ka mohlala tabeng ya ho latela metheo e loketseng ya dikamano tsa basebetsi le moya wa melao ya naha, mme ka dinako tshohle a netefatse hore o sebetsa ka mokgwa o hlokang leeme le o nang le toka.
ii) Mehato ya lekgotla la poelano (ho latela Ntlha ya 15(l) ya Moralo wa 7 wa
Molao wa Dikamano tsa Basebetsi wa 1995 oo ho ya ka ona mosebetsi e mong le e mong a ka tlisang qabang e teng tlwaelo e hlokang toka ya mosebetsi ho hlooho ya lefapha ya lokelang ho hloma lekgotla la poelano mme a fetisetse qabang ena ho lekgotla lena ha e ba lefapha le sa atlehe ho rarolla qabang ena e le lona.
Mohlala wa 2: Moromuwa ya sa thabang ka ntlha ya hore o lokolotswe mosebetsing ka tsela e nang le leeme, a ka fetisetsa ntlha ena ho hlooho ya lefapha, e tla lokela hore e tadime taba ena ya qabang mme e rarollwe. Ha e ba hlooho ya lefapha e sa atlehe ho rarolla qabang ena matsatsing a 20, moromuwa enwa ya ngongorehileng a ka kopa hlooho ya lefapha ho theha lekgotla la poelano nakong ya matsatsi a 10, leo le lona le lokelang hore le leke ho rarolla qabang eo. Ha lekgotla la poelano le hloleha ho rarolla qabang ena, moromuwa a ka leba Lekgotleng la Dinyewe tsa Basebetsi.
iii Moo tletlebo kapa qabang e amanang le tsamaiso e fosahetseng ya mehato e nang le leeme ya Mmuso jwalo ka ramosebetsi, tletlebo kapa qabang ena e ka boela ya fetisetswa ho Mosireletsi wa Setjhaba.
Mohlala wa 3: Moromuwa ya lemohang ditlwaelo tse hohelang dipotso tse sebediswang tikolohong ya hae ya tshebetso, a ka hlokomedisa mohlokomedi wa hae kapa hlooho ya lefapha. Ha a sa kgotsofalla karabo eo a e fumanang ho mohlokomedi wa hae kapa hlooho ya lefapha, moromuwa enwa ya tletlebang a ka fetisetsa taba ena ho Mosireletsi wa Setjhaba. Moromuwa tlasa maemo a itseng a ka nna a kgetha hore a lebe ho Mosireletsi wa Setjhaba ka sebele sa hae.
Mosebetsi o tlangwa ke tswelopele e ntle, kgothaletso le tshebediso ya moifo oo a leng ho ona wa tshebetso le ho ntshetsa pele dikamano tse ntle tsa mosebetsi le tsa tshebedisano ya basebetsi.
Bahlokomedi kaofela kapa batsamaisi tshebeletsong ya setjhaba molemong wa ho fihlela boikemisetso ka kakaretso ba tshebeletso ya setjhaba, ba tlameha ho bona hore moifo wa basebetsi o taolong ya bona o na le tsebo le mahlale a ho etsa mesebetsi ya bona boemong bo hlokehang, le hore ba kgothetse ho ka nehelana ka ditshebeletso le hore ba ikemiseditse le hore ba a kgona ho ntshetsa pele dikamano tse ntle. Tekong ya ho fihlela sena, mohlokomedi o lokela hore a hopole tse latelang:
a Ntshetsopele ya moifo wa tshebetso e bolela hore mosebetsi ya boemong ba bohlokomedi kapa ba botsamaisi o lokela ?
i ho utlwisisa hore ntshetsopele ya moifo wa basebetsi e bolelang;
ii hore ka dinako tsohle a lekole ditlhoko tsa ntshetsopele ya moifo wa basebetsi;
iii ho kenya tshebetsong moralo wa ntshetsopele;
iv ho bona hore moralo ona o a latelwa; le v hore ka dinako tsohle a hlokomele katleho ya moralo o jwalo.
Mohlala wa 1: Mohlokomedi o lokela hore ka ditherisano le mosebetsi ya sa tswa kenngwa mosebetsing botjha, a fumane ditlhoko tsa hae tsa thupelo ya kahare ho mosebetsi. Ditlhoko tse fumanweng tsa thupelo di lokela hore di kenngwe lenaneong la thupelo le tsamaelanang le lenane la mesebetsi ya hae le bukana tsa mehato e lokelang ho latelwa. Moralo wa thupelo o lokela hore le ona o hlophiswe hore o rale hantle tsela ya ntshetsopele ya mosebetsi enwa e motjha ya sa tswa kena mosebetsing.
b Ho kgothatsa moifo wa basebetsi ho bolela hore mosebetsi ya boemong ba bohlokomedi kapa ba botsamaisi o lokela ?
i ho utlwisisa hore kgothatso ya moifo wa basebetsi e kenyeletsa dintho dife;
ii ho hlahloba, boemo ba kgothatso ya moifo wa basebetsi;
iii a kenye mehato e tla ntlafatsa boemo ba kgothatso ya moifo wa basebetsi ha e ba ho hlokeha; le iv hore kgafetsa a nne a hlokomele boemo ba kgothatso ya moifo wa basebetsi.
c Tshebediso ya moifo wa basebetsi e bolela hore mosebetsi ya boemong ba bohlokomedi kapa ba botsamaisi o lokela ?
i ho utlwisisa hore tshebediso ya moifo wa basebetsi e kenyeletsa eng;
ii ho lekola bonamo ba ka moo moifo wa basebetsi o sebediswang ka bona;
iii ho kenya mehato ho etsa monyetla wa tshebediso e kgabane ya moifo wa basebetsi; le iv hore ka dinako tsohle a hlokomele tshebediso ya moifo wa basebetsi.
Mohlala wa 2: Bahlokomedi kapa batsamaisi ba lokela hore ka dinako tsohle ba dule ba hlokometse boima ba mosebetsi le boemo ba tshebetso ya moifo wa basebetsi ba bona e le hore ba netefatse hore moifi wa basebetsi kaofela o sebediswa hantle. Sena se tla thusa ho qoba boemo moo basebetsi ba bang ba sebetsang haholo ha ba bang bona ba sebetsa hanyenyane. Moifo wa basebetsi o lokela ho kgothaletswa ho ithuta mesebetsi eo ka tlwaelo eseng mesebetsi ya bona le ho tseba mesebetsi e tswetseng pele haholo, e le hore ba kgone ho hola jwalo ka basebetsi hore ba dule ba le malala-a-laotswe ha ho ka etsahala hore ba sebedisetswe maemo a hodimonyana ha nako e jwalo e fihla.
d Ntshetsopele ya dikamano tse ntle tsa mosebetsi le tsa tshebedisano e bolela hore mosebetsi ya boemong ba bohlokomedi kapa ba botsamaisi o lokela ?
i ho utlwisisa hore dikamano tse ntle tsa mosebetsi le tsa tshebedisano di kenyeletsa eng;
ii ho lekola hore dikamano tsa mosebetsi le tsa tshebedisano ya moifo wa basebetsi di dula di le ntle;
iii ho kenya mehato, ha e ba ho hlokeha, ho ntlafatsa dikamano tsa mosebetsi le tsa tshebedisano; le iv hore ka dinako tsohle a dule a hlokometse dikamano tse ntle tsa mosebetsi le tsa tshebedisano ya moifo wa basebetsi.
Mohlala wa 3: Bahlokomedi kapa batsamaisi ba lokela hore bahlokomela hore ho na le moya wa tshebedisano ya moifo karolong tsa bona tsa tshebetso mme moo ho bonahalang e ka moifo wa basebetsi ba bona ha o hule hantle kapa o dula o phehisane kgang, ba kene ka pelenyana ho hlaola lehola leo.
Mosebetsi o lokela ho sebetsa ka toka, ka mokgwa wa profeshenale le ka tekano le basebetsi ba bang, ho sa natswe taba ya botjhaba, ya hore motho ke mosadi kapa ke monna, ya bomorabe kapa ya moo o tswang teng bophelong, mmala, tshekamelo ya bong, dilemo, kgolofalo, tumelo, dipolotiki tseo motho a leng ho tsona, metheo ya bophelo, seo o se dumelang, setho kapa puo.
Molao wa motheo, molao wa mosebetsi le basebetsi, ha mmoho le Molao o Tlwaelehileng, ke dintho tseo kaofela di nehelanang ka tokelo ya motheo ho basebetsi ba tshebeletso ya setjhaba hore ba tshwarwe ka tsela e hlokang leeme le ka tekano. Ha tokelo ena e ameha ka mokgwa o itseng, basebetsi ba ka sebedisa mekgwa ya tharollo ya qabang eo e tswang Molaong wa Tshebeletso ya Setjhaba wa 1994, le Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba le Molao wa Dikamano tsa Basebetsi wa 1995, kapa ba ka leba Lekgotleng la Molao wa motheo, Lekgotleng le Phahametseng ohle la Dinyewe kapa ho Mosireletsi wa Setjhaba ho fumana tharollo teng, ho tswa feela hore maemo a ditaba ke afe. Ke ka hoo e leng taba ya bohlokwa hore bahlokomedi kapa batsamaisi ba tshebeletsong ya setjhaba ba lokelang ho tseba hore tshwaro e hlokang leeme le e lekanang e bolelang.
a Ho sebetsa ka tsela e hlokang leeme le mosebetsi e mong ho bolela hore mosebetsi o lokela hore ?
i) ka dinako tsohle a hlomphe ditokelo tse behilweng (ho latela Molao o
Tlwaelehileng, Molao wa motheo, Molao wa Basebetsi le melao efe kapa efe e meng e ka sebetsang ntlheng ena;
ii ka nako tsohle a fane ka monyetla ho basebetsi ba bang hore ba hlahise kapa hlalose lehlakore la bona la ditaba;
iii ka dinako tsohle ba dumelle basebetsi ba bang hore ba fumane moemedi ha kopo e jwalo e le teng; le iv ka dinako tsohle ba ikemisetse ho tsohla kapa ho kena ditherisanong kapa ho kena dipuisanong ka mokgwa o phatlalatseng.
Mohlala wa 1: Mohlala, ha mosebetsi a qoswa ka boitshwaro bo bobe, o lokela hore a tshwarwe ho latela ka moo mehato e tsepamisitsweng e leng ka teng, le ho latela ditokelo tsa hae ditabeng tsa nyewe ya hae.
Ho hloka leeme ho latela mehato e tsepamisitsweng ho bolela hore mehato e ikgethang ya tsamaiso ya diqoso e latelwe mme mosebetsi o lokela ?
hore a tsebiswe ka nako ka qoso efe kapa efe eo a qoswang ka yona;
hore a fuwe monyetla wa ho tshetleha lehlakore la hae la ditaba nyeweng ena;
hore a be le tokelo ya ho hloma dipaki dipotso; le hore a be le tokelo ya ho etsa boipiletso.
Tlhokeho ya leeme ditokelong tsa ditaba tsa nyewe ho bolela hore dintlha kaofela tse hlahisitsweng nyeweng mona di lokela hore di nkelwe hloohong ka mokgwa o sa sebediseng maikutlo ho hang pele ho ka dihuwa kahlolo.
b Ho sebetsana le basebetsi ba bang ka mokgwa wa profeshenale ho hlalosa hore mosebetsi o lokela ?
i hore a be le tsebo e lekaneng ya ditaba tseo ho buuwang ka tsona;
ii ho arabela ka potlako taelong eo a e fuweng kapa ho seo a se kopilweng;
iv ho itahlela ka setotswana boemong ba mosebetsi o etswang ke moifo kaofela hore a nehelane ka ditshebeletso kapa a rarolle mafito a mathata;
v ho hlompha ditokelo tsa basebetsi ba bang; le vi hore hape a nkele hloohong ditabatabelo tsa ba bang ba amehang.
c Ho sebetsana le basebetsi ba bang ka tekano ho hlalosa hore mosebetsi o lokela ?
i hore a seke a kgetholla basebetsi ba bang ka leeme ka mokgwa o tobileng kapa o sa tobang ka mabaka afe kapa afe;
ii hore a tshware basebetsi ba bang jwalo ka balekane ba hae ka dinako tsohle; le iii hore ka dinako tsohle a seke a sebedisa maikutlo mme a sebedise tsela e tshwanang nakong eo a etsang diqeto tse amang basebetsi ba bang.
Mohlala wa 2: Mohlokomedi o lokolla basebetsi ba bang ba welang sehlopheng sa tumelo ya hae ka nako e itseng ya mosebetsing empa o hanela basebetsi ba bang ba welang dihlopheng tsa tumelo tse ding nako e jwalo hore ba be siyo mosebetsing. Ena ke kgethollo. Dihlopha tsa ditumelo kaofela di lokela hore di fumane tshwaro e tshwanang ka mokgwa o tshwanang.
Mosebetsi ha a lokela ho amana le mesebetsi ya mokga wa dipolotiki sebakeng sa mosebetsi.
Ho latela Molao wa motheo, tshebeletso ya setjhaba ho hang ha e a tshwanela ho amana le dipolotiki ka tsela efe kapa efe tshebeletsong eo e nehelanang ka yona ho batho. Sena se hlalosa hore basebetsi ba tshebeletso ya setjhaba ba lebeletswe hore ba nehelane ka ditshebeletso ho baahi bohle ba naha mme ho hang ha ba lokela ho hlwaya ba bang ho ba bang. Tshebeletso ya setjhaba le basebetsi ba yona ba tshebeletsong ya naha kaofela ha ba lokela hore mosebetsing wa bona, ba eteletse pele ditabatabelo tsa mokga ofe kapa ofe o ikgethang wa dipolotiki.
Mohlala wa 1: Motho ya aparang T-shirt e nang le mapetjo a mokga wa dipolotiki nakong eo a fanang ka ditshebeletso ka ho toba setjhabeng a nehelana ka ditokomane tsa boitsebiso a ka nna a qoswa ka ditlwaelo tse kgethollang tse kgotsheng moya wa dipolotiki ha e ba a sa kgone ho nehelana ka tokomane ya boitsebiso nakong e itseng e ikgethang, le ha e ba mohlomong a sa kgone ho laola lebaka la tieho. Ho feta mona, motho e mong ho ba tswang setjhabeng a ka fumana a sa kgotsofalla ho thuswa ke motho ya ntshetsang pele mokga o ikgethang wa dipolotiki sebakeng sa setjhaba.
Mohlala wa 2: Mosebetsi ya dumellang ditho tsa mekga e meng e itseng ya dipolotiki ho fumana lesedi leo batho bohle ba nang le tokelo ya ho le fumana, empa a hanela ditho tsa mokga o mong wa dipolotiki ho fumana lesedi lona lena, o hlolehile ho nehelana ka ditshebeletso ho batho bohle ba Afrika Borwa, ho sa tsotelehe mokgwa oo ba keneng ho wona wa dipolotiki.
HO ETSA MESEBETSI
Mosebetsi o tsitlallela ho finyella maikemisetso a hae kapa a sebaka sa hae ka mokgwa o sa senyeng tjhelete le molemong wa setjhaba.
Basebetsi nakong ya mosebetsi wa bona wa letsatsi le leng le le leng ba lokela ho dula ba ipotsa hore naa seo ba se etsang ehlile se na le nyehelo nehelanong ya ditshebeletso kapa sephethong seo karolo ya tlhophiso ya mosebetsi wa bona o ikarabellang ho sona. Ntho ena, e fela e hloka hore basebetsi ba be le tsebo e phethahetseng ya sepheo le maikemisetso a dikarolo tsa bona le mokgatlo oo ba o sebeletsang, mme ntlha ya bohlokwa hape, ke hore ba tsebe hantle mesebetsi ya bona e ikgethang karolong eo ba leng ho yona.
Bahlokomedi kapa batsamaisi maemong ohle ba lokela hore le bona ba dule ba ipotsa hore naa mesebetsi eo karolo tsa bona di e etsang ehlile e na le nyehelo nehelanong ya ditshebeletso tseo mekgatlo eo ba e sebeletsang e ikaraballang ho tsona naa.
Basebetsi ha mmoho le bahlokomedi kapa batsamaisi ba lokela le hore ba hlokomele hore ho seke ha phetwaphetwa mosebetsi oo hantlentle o loketseng hore o etswa ke mokgatlo o mong.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o bapala papadi ya khompeuta khompuyuteng ya ofisi nakong ya dihora tsa mosebetsi. Ketso ena e nyemisa mooko le ho theola moya wa oiketlahetso ba tshebetso mme ka ho etsa jwalo o utswa le nako ya mosebetsi (mme nako ke tjhelete) ho monga mosebetsi. Ha motho a hloka mosebetsi o lekaneng o lokela ho bolella mohlokomedi wa hae e le hore a tle a kgone ho mo sebedisa ka tsela e nepahetseng morerong wa ho finyella sepheo sa mokgatlo.
Mohlala wa 2: Motsamaisi wa lenaneo la ditekanyetso kapa motsamaisi wa boikarabelo o lokela hore a sebedise hantle matlotlo a setjhaba ao a tshepetsweng hore a finyelle boikemisetso ba lenaneo ka ona. Sena se hloka moralo o nepahetseng le hore ho qojwe diqeto tse sa tsitsang kapa tse etswang feela ka ho panya ha leihlo di sa lekodisiswa hantle.
Mosebetsi o lokela hore a nahane ka boiqapelo phethahatsong ya mesebetsi ya hae, o dula a batla ditsela tse ntjha tsa ho rarolla mathata mme o boloka tshebetso e nang le matla a tshebetso le e ntle ho latela se hlaloswang ke molao.
Basebetsi ba lokela hore ba itahlele ka setotswana phethahatsong ya mesebetsi ya bona. Ba lokela hore ba dule ba nahana hantle ka dinako tsohle mme ba batle ditsela tsa hore ba kgone ho etsa mosebetsi wa bona ka potlako ho feta le mokgwa o ntlafetseng le ho feta e le hore ba tle ba kgone ho fana ka sephetho se ntlafetseng ha mmoho le ditshebeletso. Nakong ya letsatsi le tlwaelehileng la mosebetsi, ho hlaha mathata a mangata boemong ba mosebetsi. Basebetsi ba lokela hore ba dule ba batla ho rarolla mathata ana ka mokgwa o potlakileng ho feta le o hlwahlwa ho feta mme ba lokela hore ba batle le mokgwa o nang le boiqapelo o ka tlang monahanong wa bona o tla thusa ho thibela mathata hore a se hlole a etsahala hape.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi ya sebetsang karolong e lokelang ho fana ka ditifikeiti a lemoha hore setjhaba ha se a kgotsofala ka mehato e latelwang le nako e nkuwang ho fana ka ditifikeiti, o lokela hore a lekole ditsela tseo tshebeletso ena e ka potlakiswang ka tsona le ka mokgwa o tla sebetsa hantle ho feta, mme a eletse mohlokomedi wa hae ka tsela e loketseng.
Mohlala wa 2: Ha e ba mosebetsi ya sebetsang ka ofising e fang setjhaba ditsebiso hore batho ba na le mathata a ho fumana sebaka sa ho emisa makoloi a bona kapa ba lokela ho ema me leng nako e telele, mosebetsi eo o lokela hore a nahane ka mekgwa ya ho rarollla bothata bona. Mohlomong sebaka seo ho nehelanwang ka tshebeletso ho sona se ka suthiswa ho iswa sebakeng se tla lokela setjhaba ho feta, moo ebileng se kgonang ho finyella ha bobebe, kapa mohlomong ho ka etswa dibaka tse ngata moo ho tla nehelanwa ka tshebeletso teng.
Mosebetsi o lokela hore a boloke nako phethahatsong ya mesebetsi ya hae.
Basebetsi ba lokela ho lemoha hore boikarabelo ba bona ba molao ke ba bohlokwa le hore ba lokela ho tsepamisa maikutlo a bona ka ho phethahala ha ba phetha mesebetsi ena ya bona, nako ya bona le matla a bona ke tsa bohlokwa. Basebetsi ba lokela hore ba leke ka ditsela tsohle ho hlokomela hore mesebetsi ya bona e phethahetse ka nako eo ba e filweng.
Basebetsi ba lokela hore ho feta mona ba tsitlallele hore ba ikgothatse ka bobona mme ba itsamaise ka bobona, ba tshepahale ha ba phetha mosebetsi wa bona ho latela maano le mehato e behilweng ntle le hore motho e mong a ba kope kapa a ba hopotse ho etsa mosebetsi.
Mohlala wa 1: Mosebetsi o fihla mosebetsing morao ho nako ebile a kgathetse ka lebaka la ho hlola nako e telele moketjaneng wa bosiu bo fetileng mme ha kgone ho etsa mosebetsi wa hae hantle. O molato ka ho hloka boikarabelo le ho senya tjhelete ya setjhaba.
Mohlala wa 2: Ha e ba mosebetsi a lokela ho phetha mosebetsi o potlakileng ka nako e behilweng, o lokela ho sebetsa ka tsela e tla etsa hore a seke a hloleha ho phetha mosebetsi oo ka nako e behilweng. Ho ka nna ha hlokeha hore a sebetse ka nako ya teye le ka nako ya dijo tsa motsheare le ka morao ho dinako tse tlwaelehileng tsa ho etsa mosebetsi, kapa a be a tshwanele le ho kopa thuso ya basebetsi ba bang ba sebetsang le yena ha e ba mosebetsi oo o le moholo haholo hore o ka etswa ke motho a le mong nakong eo e hlokehang.
Mosebetsi o phetha mesebetsi ya hae ka mokgwa wa profeshenale le o bontshang tsebo.
Basebetsi ba lokela hore ka dinako tsohle ba ipotse hore naa ba fela ba kgotsofetse e le ka nnete ka mosebetsi wa bona le hore naa ba ne ba tla kgotsofala ha e ba ba ne ba le boemong ba batho ba amohelang tshebeletso ho bona. Basebetsi ba lokela hore ka dinako tsohle ba ipotse hore naa ba tshwere ba bang (basebetsi ba sebetsang le bona, bahlokomedi le setjhaba) ka mokgwa o nang le tlhompho ya seriti sa botho ba bona le ditokelo tsa bona tsa molao le hore naa ba bontsha tsebo, bokgabane, le tsela ya thuso le ya tshebetso e ntle. Bokgoni ba bona ba ho nehelana ka ditshebeletso ka mokgwa wa profeshenale le bontshang tsebo ya mosebetsi ke dintho tse tla itshetleha boemong ba bona ba tsebo ya mesebetsi ya bona e lokalang hore e phethwe, e leng ntho eo ka lehlakoreng le leng e toboketsang boikarabelo ba monga mosebetsi le basebetsi ba thupelo.
Mohlala wa 1: Ka dinako tse ding mosebetsi ya fanang ka tshebeletso ya khaontareng o lokela hore a sebetsane le motho ya bonahalang a na le bothata ba kutlwisiso ya hore hobaneng dintho tse ding di lokela hore di etswe ka mokgwa o itseng. Mosebetsi ha a lokela ho thothwa ke letshwafo ka lebaka leo, empa ka maikutlo a phodileng o lokela hore a hlolosetse motho eo mabaka. Ha motho eo a ntse a sa kgotsofala, mosebetsi a ka etsa tlhahiso ya hore motho eo a ngole tletlebo ya hae mme a mo fe aterese moo a lokelang ho romela tletlebo ya hae teng.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a na le boikarabelo ba ho arabela dipotsisiso tse ngotsweng tse tswang setjhabeng, o lokela hore a etse bonnete ba hore dipotsisiso kaofela di arabuwa ka potlako le hore dikarabo di fupere dintlha tse nepahetseng, hape a bope ditaba tsa hae ka tsela e ipotlileng le e nepahetseng. Moo ho nang le bothata ba ho araba ka potlako, mosebetsi o lokela hore bonyane a ananele kamohelo ya potsisiso eo ka potlako.
Mohlala wa 3: Mosebetsi ya sa tswa thaotuwa o behwa tshebeletsong ya khaontara ntle le tlhokomelo e tobileng le pele a fuwa thupelo e tshwanetseng. Leha ho ka hlaha kgang ya ntlha ya hore mosebetsi enwa o lokela ho ithutela mesebetsi ya hae ?mosebetsing?, ha ho a lokela hore ho seke ha tadingwa taba ya hore kotsi e ka tliswang ke tlwaelo e jwalo ya setshwantsho seo monga mosebetsi a fanang ka sona ha e ba mosebetsi eo a etsa dintho tse fosahetseng kapa batho ba lebeletseng thuso tshebeletsong ena ba iphumana ba senyehetswe ke nako ka mokgwa o sa amoheleheng.
Mosebetsi ha a lokela ho etsa eng kapa eng e thulanang kapa e hohlanang le phethahatso ya mesebetsi ya hae ya molao.
Basebetsi kaofela molemong wa ho tlisa le ho hlokomela hore ho na le tshepo tshebeletsong ya setjhaba ba lebeletswe ho sebetsa ka mokgwa o nang le botshepehi le o bontshang boitelo. Sena se hloka basebetsi hore ba seke ba ameha, ba le mosebetsing kapa ba se mosebetsing, ditabeng kapa mesebetsing e ka:
a nkuwang e le bobodu le bomenemene;
b tshwenyanang le hore ba kgone ho phetha mesebetsi ya bona;
c bang le tshusumetso tse leng eo ba etsang mosebetsi wa bona ka yona;
d bang le tshusumetso maikutlong a bona a hlokang tshekamelo ha ba etsa diqeto;
e tlontlollang Mmuso jwalo ka monga mosebetsi; kapa f bonahalang e na le monyetla wa ho beha ka mosing kapa ho etsetsa molemo mekga e itseng feela.
Boitshwaro ba basebetsi mosebetsing le kantle ho mosebetsi e lokela hore ebe boo Mmuso o busang le setjhaba, bo tla etsa hore ba tshetjwe hore ba ka etsa mosebetsi wa bona, ka maikutlo a le mang a molemong wa ditabatabelo tsa setjhaba.
Mohlala wa 1: Mosebetsi ya sebetsanang le ho hlahloba ditokomane tsa lekgetho ha a lokela hore kantle ho mosebetsi kapa nakong ya dihora tsa molao tsa mosebetsi, a thuse batho ba tswang setjhabeng, ho qoba ho lefa lekgetho ka ho lefellwa mosebetsi oo tjhelete e ka thoko ho moputso wa hae, kapa a etsetsa batho bao thuso feela.
Mohlala wa 2: Mosebetsi ha a lokela ho dula lekgotleng la mokgatlo kapa kgwebo eo lefapha la hae le sebedisanang le yona.
Mosebetsi o tla ipehella ka thoko mosebetsing ofe kapa ofe wa molao kapa wa ho etsa qeto e ka qetellang e mo tswaletse molemo ka tsela e sa nepahalang, mme ntho ena e lokela hore e phatlalatswe hantle ke mosebetsi.
Ka dinako tsohle moo basebetsi ba ikutlwang hore ba ke ke ba kgona ho dula ba hloka ho sebetsa ka maikutlo a itseng phethahatsong ya mosebetsi wa bona kapa ha ho etswa qeto, kapa moo batho ba bang ba ka bang le pelaelo ya ho dumela hore ba ke ke ba kgona ho sebetsa ntle le ho sebedisa maikutlo hobane ba na le kamano e itseng ya kantle, ba lokela hore hang hang ba ikgule mesebetsing e jwalo e le ho sireletsa setshwantsho se hlokang leeme, se nang le tlhompho le se tshepahalang sa tshebeletso ya mmuso.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi a le moifong o hlwayang o ikarabellang tabeng ya hore ho tlatswe sekgeo sa mosebetsi mme a fumana hore e mong wa batho ba habo o kopile mosebetsi ona mme o kentswe lenaneng la ba nang le monyetla wa ho feta dipuisanong tsa mosebetsi ona, mosebetsi ya jwalo o lokela hore a ikgule dipuisanong hobane a ke ke a nkuwa a kgona ho dula a sa sebedise maikutlo a hae. Mosebetsi o lokela hore a boele a phatlalatse sena ka ho se ngola fatshe.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a ameha thekong ya mobu kapa naha bakeng sa morero wa projekte ya Mmuso mme karolo e nngwe ya mobu kapa naha ena e le ya e mong wa batho ba habo, mosebetsi enwa o lokela hore a hlahise ntlha ena ho bahlokomedi ba hae mme a ikgule tabeng ya ho sebetsana le mosebetsi ona o ikgethileng.
Mosebetsi o amohela boikarabelo ba ho etsa hore a fumanehe bakeng sa thupelo e dulang e tswela pele mosebetsing le boikarabelo ba ho intshetsa pele tshebetsong yohle ya hae.
Ke boikarabelo bo ikgethang ba batsamaisi le bahlokomedi ho bona hore ba welang ka tlase ho bona mosebetsing ba fumana thupelo ya motjha o tjhele ho etsa bonnete ba hore ba tla kgona ho phethahatsa mesebetsi ya bona ntle le ho salasalwa morao le ho ba fa mahlale a ntshetsopele ya mesebetsi ya bona nakong e tlang. Leha ho le jwalo, mosebetsi e mong le e mong o na le boikarabelo boyeneng ba hae hore a etse mekutu e hlokahalang ho netefatsa hore o -
a na le tsebo e feletseng le kutlwisiso ya se lebeletsweng ho yena jwalo ka mosebetsi tshebeletsong ya setjhaba;
b na le tsebo e phethahetseng ya ho phetha mosebetsi wa hae; le hore c sebedisa tsebo le mahlale ao a nang le ona bakeng sa merero ya mohlomong tshebediso maemong a hodimonyana nakong e tlang.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi e motjha a hloka bonnete bo botle ba ho etsa mesebetsi efe kapa efe ya hae, o lokela hore a tadime dipallo tse laolang mesebetsi e tshwanetseng mme a seke a tswafa ho botsa ba sebetsang le yena kapa mohlokomedi wa hae kapa a leke ho fumana thuso mehloding ena ka bobedi ba yona.
Mohlala wa 2: Basebetsi ba ileng ba sebetsa tshebeletsong ya setjhaba nakong ya dilemo tse ngata ba ka nna ba bontsha boikemisetso bo fokolang dibakeng tse ding tsa mosebetsi wa bona. Ke ntho e neng e tla ba tswela molemo ho sebedisa monyetla ofe kapa ofe ho fumana thupelo e nngwe e tswelang pele, mohlala, ho phetha thuto e itseng e amanang le ditlhoko tsa mosebetsi wa bona, kapa ho ingodisetsa ho tswela pele ka dithuto tsa thuto e akaretsang.
Mosebetsi o a tshepahala ebile o jara boikarabelo ba ho sebetsana le ditjhelete tsa setjhaba mme o sebedisa theepa ya tshebeletso ya setjhaba le mehlodi e meng ka mokgwa o loketseng le o sebetsang hantle empa sena o se etsetsa merero ya mmuso e dumeletsweng.
Setjhaba ka kakaretso se tshepetse bahlanka ba tshebeletso ya setjhaba maruo, theepa le matlole a Mmuso, ka tebello ya hore basebetsi bana ba tla sebetsana le tsena tsohle ka mokgwa o nang le boikarabelo le wa botshepehi.
Basebetsi ba boetse ba lebeletswe ho tlisa dipoloko ho motho ya lefang lekgetho ka tsela eo ba tshwarang theepa ya setjhaba ka teng ha mmoho le matlole. Ke ntho ya bohlokwa hore basebetsi ba lemohe hore ha ditshenyehelo tsa Mmuso di bolokilwe di le tlase, naha e tla fumana ditshebeletso tse ngatanyana le tsa boleng bo ntlafetseng tse kgonang ho fella kahare ho meedi ya mehlodi e teng.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi a kgona ho finyella motjhine wa fekse, mosebetsi enwa ha a lokela hore a amohele le ho romela difekse tsa poraefete tlasa boitshireletso ba hore ke tsa molao. Ha mosebetsi a lokela hore a romele fekse ya poraefete, o lokela hore a fumane tumello ya ho etsa jwalo mme o lokela hore a lefelle tshebediso ya motjhine oo wa difekse.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi a sebedisa theepa ya Mmuso (dikoloi, metjhine, difanitjhara, jwalo jwalo), ka mokgwa o bohlaswa kapa ka ho se tsotelle letho mme a qetella a bakile tshenyo. Hona ho bolela hore tjhelete ya setjhaba e sentswe le hore ke ditshebeletso tsa boemo bo tlasenyana tse ka finyeletswang bathong, e leng ntho e sa tswe leng setjhaba molemo wa letho.
Mohlala wa 3: Ha mosebetsi o sebedisa theepa ya Mmuso (ntho efe kapa efe ho tloha ho pampiri le dipensele ho fihlela dikoloing) mabakeng a hae a poraefete. Ntho ena ha e tswele setjhaba molemo wa letho hobane motho enwa ha a utswetse Mmuso feela le molefi wa lekgetho, empa o etsa hore setjhaba se hloke tlhompho tshebeletsong ya setjhaba.
Mosebetsi o ntshetsa pele tsamaiso e tsitsitseng hantle, e kgabane, e sebetsang hantle, e bonaletsang le e nang le boikarabelo.
Ntshetsopele ya tsamaiso e tsitsitseng hantle, e ntle, e bonaletsang le e nang le boikarabelo e bolela hore moahi e mong le e mong o lokela hore a fumane tshebeletso e lekanang ebile e sebetsa hantle, e nang le thuso le setswalle, ho sa natswe maemo a hae, hore ke motho wa mosadi kapa ke wa monna, morabe wa hae, jwalo jwalo.
Ha ho nehelanwa ka ditshebeletso tsa tsamaiso e ntle, e sebetsang hantle le e nang le boikarabelo, makgabane a mantlha le metheo ya Molao wa motheo a lokela hore a dule a hopotswe ka dinako tsohle. Basebetsi ba lokela hore ka dinako tsohle ba leke hore ba phethe mesebetsi ya bona ntle le tieho, mme hape ba dule ba tsitlalletse hore ba etse mosebetsi wa boleng, ho sa tsotelehe hore mosebetsi oo o bonahala o nyediseha ho le hokae.
Mohlala wa 1: Ha mosebetsi a fuwe taelo ya hore a etse dikhopi tsa ditokomane tse tlo hokelwa mangolong a romelwang mekgatlong e fapafapaneng ya kantle, dikhopi tseo di tshwanela hore di hlweke hantle le ho hlaka hantle, hobane ntho eo e tla phaella ka mokgwa o itseng setshwantshong sa tshebeletso ena.
Mohlala wa 2: Mosebetsi ya ikarabellang taolong ya dipalangwang tsa Mmuso o lokela hore a etse bonnete ba hore dilokbuku tsa makoloi kaofela a abetsweng lekala kapa karolo ya hae di finyeletse ka nako moo ho loketseng teng le hore dikhilomithara tse tsamailweng di ngodisitswe ka mokgwa o nepahetseng kaofela.
Mohlala wa 3: Mesebetsi kaofela ya mmuso e lokela hore e ngodiswe ka tsela e nepahetseng e le hore mehato e latetsweng le tsohle tse nketsweng hloohong di tle di hlake hantle ha e ba ho ka ba le dipatlisiso tse ka etswang kapa ho na le qabang tse ka hlahang. Ntho ena e tla matlafatsa ponaletso.
Mosebetsi nakong ya mosebetsi wa hae wa molao, o tla tlaleha balaoding ba loketseng, bobodu, bomenemene, tshebediso ya mmetla o kgola o e lebiswa ho wa habo, tsamaiso e fosahetseng le ketso efe kapa efe e nngwe eo e leng ya tlolo ya molao, kapa e ka behang ka mosing ditabatabelo tsa setjhaba.
Bomenemene bo bolela tllhokeho ya boitshwaro bo botle e je leng setsi haholoholo tjootjo le bobodu. Bomenemene bona ka dinako tse ding ke diyanokeng di bapile le ditlwaelo tse ding tsa tlolo ya molao, mohlala tshusumetso ya thekiso ya dithethefatsi, taba ya basebetsi ba teng dibukeng tsa mosebetsi empa ba le siyo ka sebele, bobodu le tlolo tsa molao tse hlophisitsweng tse ka behang tsietsing morou wa nnete. Ntlheng ya pele, ena ke taba ya ho senyeha ha phedisano ya batho mme ke ntho e kotsi haholo setjhabeng sefe kapa sefe. Ntho ena hangata e tsamaya le tlwaelo ya bophelo ya ? borui bo tlang ka potlako?. Ntlheng ya bobedi, ke ntho e nyedisang matla a tsela ya dipolotiki ka ho senya tshepo le botshepehi, hobane ha tsamaiso e lahlehelwa ke tshepo ho tsoha jwale maemo a tlhokeho ya botsitso le boitaolo. Ntlheng ya boraro, sena se beha mokgwa wa moruo tsietsing. Sena se fetoha tshupa e jang boipolokelo kapa matsete, ho sa natswe hore ke matsete a bahwebi ba tswang kantle kapa ba selehae. Bomenemene bo tjena bo ja mooko wa tshepo ya setjhaba le botshepehi ba demokrasi ya rona. Ntho ena e lokela hore e hle e faolwe boemong bona bo simollang.
Ke mosebetsi wa basebetsi kaofela ho tlaleha diketso dife kapa dife tseo eseng tsa molao, boitshwaro ba bolotsana kapa ditlwaelo tsa bomenemene ho bahlokomedi kapa balaodi ba tshwanelehileng ka pelenyana ha ba lemoha diketso tsena feela. Ditlwaelo tsa bomenemene ka dinako tse ding di totiswa ke kgaello ya molao mosebetsing, bosiyo ba boikarabelo ba setjhaba le boikarabelo, le taba ena ya ho kgetholla batho hobane e le bao o tsebanang le bona.
Mohlala wa 1: Mosebetsi ya nang le boikarabelo ba ho tsamaisa basebetsi kgafetsa ka minibus wa Mmuso a ka nna a dumellwa, ka mabaka a utlwahalang, ho tsamaya ka minibus ona ho leba hae le ho emisa koloi eo moo lapeng la hae. Basebetsi ba bang ba lemoha hore mosebetsi enwa o sebedisa minibus jwalo ka teksi ho fumana tjhelete e nngwe e ka thoko. Ba lokela hore ba tlalehe sena ka potlako mohlokomeding wa mosebetsi enwa. Ha e ba ho sa nkuwe mehato e tshwanelehileng, taba ena e ka nna ya tlalehwa ho Mosireletsi wa Setjhaba.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi wa Lefapha la Dipalangwang ya ikarabellang ho fana ka dikotlo tsa sephethephethe ho batho ba tlotseng molao wa tsela, a nonoswa tjhelete ke mokganni ka tsela ya ho mo reka ka bolotsana, o lokela hore a tlalehe motho eo ya mo nonosang tjhelete ka bolotsana hore a tle a kgone ho qoswa. Ha mosebetsi amohela tjhelete efe kapa efe ya bolotsana, o molato ka bomenemene.
Mohlala wa 3: Mosebetsi ha amane le ditlwaelo tsa bomenemene, empa o lemohile hore ho na le basebetsi ba bang ba sebetsang le yena ba nkgang lefotha ditlwaelong tse tjena. Ha mosebetsi ya jwalo a itholela mme a sa tlalehe tlwaelo ena e fosahetseng, o qoba bokarabelo bo kopanetsweng ba tshebeletso ya setjhaba e nang le nnete. Boemong bo tjena ba ditaba, o nkuwa a nkga lefotha le yena bomenemeneng bona.
Mosebetsi o fana ka keletso ho mookamedi e moholwanyane ha a kopuwa hore a fane ka thuso ya mofuta ona, keletso ena ke e tshepahalang le e sa kgetheng lehlakore, e thehilweng leseding lohle le loketseng le le fumanehang.
Ka dinako tsohle ha basebetsi ba kopuwa hore ba fane ka keletso ho molaodi ofe kapa ofe e moholwanyane ka taba e itseng, keletso e jwalo e lokela hore ho fanwe ka yona ka motheo wa nnete wa profeshenale ho latela molao wa boitshwaro wa mosebetsi. Keletso ena ha e a lokela hore e susumetswe ke ditabatabelo tsa botho kapa maikutlo a botho.
Mohlala: Mosebetsi ya sebetsanang le tletlebo ya e mong wa ba sebetsang le yena eo ebileng a mo utlwelang bohloko, ha a lokela hore a lobe dintlha hore di seke tsa finyella ho batsamaisi hobane a batla ho beha tletlebo ya motho eo ya sebetsang le yena ka tsela e ntle. Ho qoba o fana ka lesedi leo le lokelang boemong bo tjena ba ditaba, ke ntho e ka nnang ya beha lefapha kapa tsamaiso ka mosing.
Mosebetsi o lokela hore a hlomphe lekunutu la ditaba, ditokomane le dipuisano, moo makunutu a sa lokelang ho phahlwa kapa moo ho nkwang hore ditaba tse moo ke lekunutu kapa sephiri.
Ponaletso e bolela, hara tse ding, hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fumana lesedi le tshwerweng ke Mmuso ha e ba lesedi le jwalo le hlokeha bakeng sa ho sireletsa ditokelo tse ding tse itseng tsa motho. Leha ho le jwalo, ho ka nna ha ba le lesedi le sa lokelang hore le phahlwe hobane e le lekunutu. Boemong bo jwalo ke mosebetsi wa mosebetsi wa setjhaba ho hlompha lekunutu, hobane ho phahla lesedi le jwalo ke ntho e ka nnang ya beha Mmuso tsietsing.
Mohlala wa 1: Ke ntho e fosahetseng hore mosebetsi a nehelane ka lesedi leo e leng lekunutu ho baraditaba, jwalo ka memorandamo tsa Khabinete kapa setshwantsho sa leano le ntseng le botjwa ke Mmuso o busang.
Mohlala wa 2: Lesedi le bolokilweng direkotong tseo e leng tsa basebetsi le nkuwa e le lekunutu mme ka dinako tsohle le lokela hore le tshwarwe ka tsela e jwalo. Lesedi lena, ha ho tehwa mohlala, ha le a lokela hore le fuwe khampani ya inshorense kapa khampani kapa motho ofe kapa ofe wa kantle ntle leha ho na le lebaka le amohelehang la ho etsa jwalo ebile le dumeletswe ka tsela e tshwanelehileng.
Mohlala wa 3: Kgokahano ya puisano ya Elektroniki
Lesedi leo e leng lekunutu le la bohlokwa haholo le lokela hore le romelwe ka fekse bosiyong ba menyetla e meng ya thomelo e sireletsehileng ho feta. Fekse e jwalo e lokela hore e dumellwe ke mohlodi le moamohedi pele ho nako, mme lesedi le hlophisitsweng e le lekunutu le hodimo ebile e le sephiri se seholo ha le a lokela hore le romelwe ka marangrang a setjhaba, ntle le moo le moo ho nkilweng mehato ya tshireletso. Lesedi lena le lokela hore le sireletswe le ho notlellwa ka senotlolo ka tsela efe kapa efe kapa ka mokgwa ofe kapa ofe o teng.
TAOLO YA HO FUMANEHA HA LESEDI: Dihlopha tse fapafapaneng tsa lesedi di lokela hore di fumanwe ke basebedisi ba loketseng le ba hopoletsweng hore ba le fumane. Lenane la ho lekola taolo ya ho fumaneha ha lesedi le lokela hore le bolokwe. Ditokelo tsa ho finyella lesedi lena di lokela hore di nkelle hloohong ho tswella ha tshebetso. Mantswe a sebediswang jwalo ka senotlolo sa ho finyella lesedi lena khompuyuteng a ke ke a arolelanwa le motho ofe kapa ofe ka mabaka afe kapa afe. Ho finyella lesedi lena ka tsela e hole ya remoutu le hona ho lokela hore ho laolwe ka mawa a loketseng a tshireletso ka tsela e thata ya boitsebiso, e tshepahalang le tsela ya mahlale a tshebediso ya diMolawana tse ikgethang. Hore lesedi lena le fumanwe ke batho ba bang ba kantle ke ntho e ka dumellwang diketsahalong tse nyenyane kapa tse sa amaneng le mathata a letho.
IMEILI LE WWW: Di lokela hore di sebedisetswe mabaka a mosebetsi eseng bakeng sa merero eo eseng ya molao e fupereng kotsi. Thomelo ya lesedi la bohlokwa e lokela hore e felehetswe ke Molawana e loketseng ya tshireletso le tshaeno e tswetseng pele ya elektroniki. Ho tshwanetse hore ho bolokwe tikoloho e hlokang tshupa e senyang difaele tsa bohlokwa, difaele tsa meili o belaetsang di seke tsa bulwa. Hlokomela tlolo tsa molao wa ditokelo tsa dikhopi, netefatsa lesedi le ho ananela mehlodi. Theepa e sa nepahalang e sefuwe pele.
TSHIRELETSO YA LESEDI: Lesedi leo e leng lekunutu le lokela hore ka dinako tsohle le romelwe le foromo ya Molawana watshireletso. Mehato ya tlamo bakeng sa tshireletso e lokela hore e behellwe pele mme e bolellwe basebetsi bohle. Ka dinako tsohle boporaefete ba lesedi le lekunutu ke dintho tse lokelang hore di hlokomelwe. Ho tshwanetse hore ho tsepamiswe maikutlo tabeng ya hore mahlakore a mang a sebetse ka nnete tshwarong ya lesedi le amohetsweng pele ho hasanngwa lesedi. Tshireletso ya lesedi e seke ya sehelwa moedi tabeng ya tshebediso ya mantswe a sebediswang jwalo ka dinotlolo feela, ho tshwanetse hore ho sebediswe mekgwa e meng ya tshireletso mohlala, ho tadingwe taba ya tshebediso ya tlhophollo ya lesedi ka mokgwa wa bayometriksi. Ebe basebetsi ba dumeletsweng feela ba kgonang ho ka buwa le boraditaba. Meqoqo e jwalo e lokela hore e ralwe ka tsela e nepahetseng mme e tsamaisane le moralo o batsi ho feta wa tshebetso. Diaterese le dinomoro tsa fekse di lokela hore di tiiswe hore di nepahetse pele di romelwa.
THIBELO YA DITLOLO TSA MOLAO TSA MARANGRANG A KGOKAHANO KA MEKGWA YA TAOLO YA METJHINE: Maemo a tshireletso e hodimo a lokela hore a hlokomelwe bakeng sa marangrang a dikgokahano. Ka dinako tsohle ho lokela hore ho etswe ditlhatlhobo tsa mathata a ka hlahang ho fana ka lesedi la ho latela ka moo ditlhaselo di ka fokotswang ka teng. Ho lokela hore ho tiiswe bokgoni ba tokiso e potlakileng. Ho seke ha tehelwa ka thoko bopaki ho latela motheo wa hore ke lesedi le sebopehong sa elektroniki. Ditlolo tsa molao tsa marangrang a dikgokahano tsa mekgwa ya puisano ya metjhine di lokelwa ke kotlo ya molao ho latela Molao wa Dikgokahano tsa Ilekroniki le Taolo ya merero ya kgwebo, Molao wa Tshitiso le Tlhokomelo ke e meng ya mehlodi ya molao wa ditlolo tsa molao. Moifo wa basebetsi o lokela hore o dule o le sedi ebile o fadimehile ka dinako tsohle.
BOITSHWARO BA MOSEBETSI BOYENENG BA HAE
LE DITABATABELO TSA PORAEFETE
Mosebetsi nakong ya mosebetsi wa hae wa molao, o lokela hore a apare le ho itshwara ka mokgwa o matlafatsang lebitso le letle la tshebeletso ya setjhaba.
Mmuso le setjhaba ba lebeletse boemo bo hodimo ba profeshenale ho bahlanka ba sebeletsang setjhaba. Tsela ya tshebetso ya profeshenale mona e bolela ho hlompha dinako tsa mosebetsi, boithaopo, boitelo, mahlale a mosebetsi le ho fana ka tshebeletso ya boleng. Mosebetsi o lokela hore ka dinako tsohle a apere ka tsela e hlwekileng, e ntle le e hlomphehang. Basebetsi, haholoholo ba sebetsanang le setjhaba ka mokgwa o tobileng, ha ba lokela hore ba apare ka mokgwa wa ho qhanolla haholo kapa ka tsela e bohlaswa.
Mohlala wa 1: Basebetsi, haholoholo ba sebetsang ho thusa setjhaba ka mokgwa o tobileng, ha ho tehuwa mohlala, ha ba lokela, ho sebetsa ka hempe e tabohileng le borikgwe ba jini e nang le masobasoba.
Mohlala wa 2: Ha ho mohlanka wa setjhaba ya lokelang ho tla mosebetsing a shebahala ka mokgwa o bohlaswa. Mohlala, ha e ba mosebetsi ya sebetsang karolong ya naha ya moo ho kenang batho ba matjhaba a e tla mosebetsing a sa kuta ditedu le moriri hantle mme a nkga jwala phu! Motho ya jwalo o tla fana ka setshwantsho se fosahetsng sa Afrika Borwa, e leng ntho e ke keng ya tswela naha molemo wa letho.
Mosebetsi o lokela hore a itshware ka mokgwa o bontshang boikarabelo mabapi le tshebediso ya dino tse tahang kapa dintho dife kapa dife tse ding tse nang le tahi.
Ha ho mosebetsi ya lokelang hore a be tlasa tshusumetso ya tahi kapa ya eng kapa eng e tahang nakong ya mosebetsi. Ntle le tlontlollo eo ketso ena e ka e bakang, ntho ena e ka boela ya tlisa tshusumetso e mpe mokgweng oo mosebetsi enwa a etsang mosebetsi wa hae ka ona le dikamanong tsa hae le basebetsi ba bang ha mmoho le setjhaba.
Maikutlo a tshebetso ya basebetsi le moya o motle wa ho sebedisana le ba bang mosebetsing ke ntho ya bohlokwa haholo tshebetsong ya mokgatlo ofe kapa ofe. Basebetsi ha ba lokela ho itlontlolla mahlong a basebetsi ba bang ka ho sebedisa hampe dintho tse tahang nakong ya mesebetsi ya bona ya molao.
Leha mosebetsi a se mosebetsing, o dula e le mohlanka wa setjhaba mme ka dinako tsohle o lokela ho itshwara ka tsela e bontshang boikarabelo e le hore a seke a tlontlolla tshebeletso ya setjhaba.
Mohlala wa 1: Mohlokomedi ya ipolaisang tahi nakong ya moketjana wa ofising mme a qetelle a tahilwe, o tla itlontlolla haholo ho ba boemong bo ka hodimo ho ba hae, ho basebetsi ba sebetsang le yena le ho basebetsi ba tlasa tlhokomelo ya hae. Ntho ena e ka tlisa tshwaetso e fosahetseng tshebetsong e ntle ya karolo ya hae ya mosebetsi.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi, haholoholo mosebetsi ya lokelang ho thusa setjhaba, a fihla mosebetsing a nkga jwala (kapa mohlomong le ho feta moo, a fihla a tahilwe) o se a ntse a le molato o itseng wa boitshwaro bo bobe, mme boitshwaro ba hae bo tla senya setshwantsho sa kakaretso le tshebetseo e ntle ya tshebeletso ya setjhaba. E boetse ke ntho ya bohlokwa hore boitshwaro ba mofuta ona bo nkuwe jwalo ka boitshwaro bo fosahetseng mme mosebetsi ya jwalo o lokela ho qoswa ka boitshwaro bo bobe tlasa maemo ana a tjena.
Ha ho mosebetsi eo ntle le kananelo e ngotsweng le e fumanehileng pele e tswa ho Hlooho ya Lefapha, ya tla amohela mpho efe kapa efe ya poraefete, melemo e itseng kapa theepa e nang le boleng ba tjhelete (tlhaloso le boleng ha mmoho le mohlodi wa mpho ya boleng bo sa feteng R350) ho motho ofe kapa ofe nakong ya phethahatso ya mesebetsi ya hae hobane sena se ka nkuwa e le tjootjo.
Ha motho a sebetsa jwalo ka Mohlanka wa Setjhaba, ho sebetsa ha mofuta o jwalo ho jere moelelo o ikgethang haholo. Ka tsela e hlakileng sena se bolela hore mosebetsi ya jwalo o rekisetsa Mmuso tshebetso ya hae mme o tla lefuwa ka makgetho a bokellwang a tswa setjhabeng ka kakaretso mme mosebetsi ya jwalo o tla nehela setjhaba tshebeletso e hlwahlwa ka ho fetisisa eo a kgonang ho nehelana ka yona ka mokgwa wa profeshenale le boitelo.
Bahlanka ba Setjhaba ha mmoho le setjhaba ka kakeretso ba lokela ho utlwisisa ka mokgwa o hlakileng hore ntle le moo ho hlokehang ka molao hore setho sa setjhaba se lefe tjhelete e nngwe hape bakeng sa tshebeletso eo e ikgethang, mohlala, moo ho tshwanetseng hore ho lefuwe tjhelete e itseng ya tokomane ya boitsebiso, ha ho tefo tse ding hape tse lokelang hore di be teng ka sebopeho sa kheshe kapa sa ho lefa ka mokgwa o mong o itseng. Motheo ona o lokela hore o kenyeletswe ditjhateng tsa tshebeletso kaofela mme ke motheo o lokelang hore o pepeswe ka tsela e hlakileng meahong ya setjhaba molemong wa setjhaba. Moo ho hlokehang ditefello tse ding hape tsa tshebeletso e ikgethang, sena se lokela ho bontshwa ditokomaneng tse tshwanetseng (tsa dikopo).
Ka mokgwa ona o tshwanang le ona oo, ba nang le monyetla wa ho fana ka ditshebeletso kgwebong tsa poraefetae ba lokela hore ba lemoswe ntlha ya hore Tshebeletso ya Setjhaba, ka ho fumana ditshebeletso kapa theepa, ba tlangwa ke metheo e fuperweng ke Molao wa motheo o laolang tsamaiso ya tshebeletso ya setjhaba e hlokang boitshwaro ba boemo bo hodimohadi ba boprofeshenale. Nonoso ya dimpho, ditshehetso tsa ditjhelete, theepa ya papatso, memo tsa dijo tsa motsheare, jwalo jwalo, ha se dintho tse lokelang ho bopa karolo ya mesebetsi ya papatso mabapi le Tshebeletso ya Setjhaba hobane ntle le tikatiko ke ntho e fanang ka maikutlo a tshusumetso e sa nepahalang ya batho ba etsang diqeto mme hape e etsa hore ho tswalehe le phehisano e sa nepahalang moo bafepedi ba banyenyane a ditshebeletso ba hlolehang ho ka jara mesebetsi e jwalo.
Hobane taba ena ka dinako tsohle e rotetsa maikutlo a mangata, mohlala o latelang o reretswe hore o sebetse jwalo ka tataiso ya diketso tsa mafapha ntlheng ya mofuta o tjena. Ho boima ho fana ka tataiso e nang le dintlha tsohle ho mafapha mme mafapha a lokela hore a kope dikeletso Khomesheneng ya Tshebeletso ya Setjhaba ha e ba a na le kgwao e itseng mabapi le maemo a itseng a ka hlahang.
Kamohelo ya dimpho dife kapa dife kapa theepa e nngwe ya boleng ba tjhelete ho motho ofe kapa ofe kapa lekaleng lefe kapa lefe la batho ba hlokang hore ba etsetswe ho hong ka molao, e le batho ba etsang kgwebo le mmuso, kapa ba etsang mesebetsi e laolang katleho ya mesebetsi ya basebetsi e ka ba teng feela ha e ba ho na le kananelo e hlakileng hantle e tswang ho Hlooho ya Lefapha.
Ke ntlha ya bohlokwa ho lemoha hore mpho efe kapa efe kapa ho etsetswa molemo o itseng o tswang mohloding o mong oo eseng motho wa heno e lokela ho phatlalatswa. Dimpho kapa menyetla e lokelang hore e phatlalatswe ke e ka hodimo ho R350. Basebetsi ba ka rerisana le Khomeshene ya Tshebeletso ya Setjhaba moo mohlomong ba nang le qeaqeo e itseng mabapi le kamohelo ya dimpho.
Mosebetsi ha a sebedise kapa ho fana ka lesedi lefe kapa lefe la molao ho iphumanela phaello e itseng kapa molemong wa phaello ya ba bang.
Basebetsi bao nakong ya tshebetso ya bona ya molao ba thulanang le lesedi la bohlokwa, leo e leng lekunutu ebile e le sephiri nako le nako, ha ba lokela ho fana ka lesedi lena ntle le tumello e hlokehang ya ho etsa jwalo. Ho ke ke ha fanwa ka lesedi kapa ha sebedsiwa lesedi molemong wa ho ithuisa ha basebetsi ba itseng kapa molemong wa hore batho ba itseng ba fumane molemo kapa ho tshehetsa boiphetetso boo mosebetsi a nang le bona kgahlanong le ba bang. Ke ntlha ya bohlokwa hore basebetsi ba nkele hloohong hore naa ho phahla lesedi leo ho tla tlisetsa tshebeletso ya setjhaba molemo kapa tjhe. Basebetsi ba lokela ho utlwisisa hore ponaletso ha e bolele hore ho tshwanetse hore ho nehelanwe ka lesedi ntle le ho kgetholla. Hobane ke ntho e boima ho nehelana ka tataiso e phethahetseng ya ka moo lesedi le lokelang hore le fuwe batho ka teng, basebetsi ba kgothaletswa hore ka dinako tsohle ba batle tumello pele ho balaodi ba ka hodimonyana ho bona moo ba nang le qeaqeo ntlheng ena.
Mohlala wa 1: Hore ho nehelanwe ka mokgwa o tla latelwa wa ho hlwaya mosebetsi kapa dipotso tse tla sebediswa ho mmotsa dipotso ho ba bang ba kenetseng tlhodisano ya sekgeo se teng sa mosebetsi ha se ntho feela e bontshang tshekamelo e fosahetseng ya boemo ba bahlodisane ba bang, empa e boetse ke ntho e behang ka mosing ditokelo tsa ba bang ba keneng lebelong la tlhodisano hore ba fumane monyetla o lekanang le wa ba bang ho ka qothisana lehlokwa le bona ka sekgeo seo sa mosebetsi.
Mohlala wa 2: Ha mosebetsi, ka lebaka la mofuta wa mosebetsi wa hae, a na le tsebo ya morero wa projekte ya Mmuso e tla phahamisa boleng ba theepa sebakeng se itseng, mosebetsi eo ha a lokela hore ka tsela efe kapa efe a sebedise lesedi leo a nang le lona bakeng sa boithuiso ba hae kapa ba e mong wa habo kapa metswalle ya hae.
Mosebetsi ha a dumellwa hore ntle le tumello, a etse mosebetsi o mong o ka mo fang tjhelete ntle le tumello, kantle ho mosebetsi wa hae wa molao kapa hona ho sebedisetsa theepa ya ofisi eo a sebetsang ho yona mosebetsi o jwalo.
Basebetsi ba lebeletswe hore ba tsepamise maikutlo ohle a bona, nako le mahlale ohle ao ba nang le ona tshebeletsong ya setjhaba jwalo ka mohiri wa bona. Sebopeho le ditlhoko tsa mosebetsi wa tshebeletso ya setjhaba ke tse etsang hore ditabatabelo tsa tshebeletso ya setjhaba le tsa setjhaba ho ka etsahalang hore di behwe ka mosing ke mohlanka wa setjhaba ya etsang mosebetsi o mo fang tjhelete kantle ho mesebetsi ya hae ya molao. Ke ka hoo e leng ntho e tlamanang hore mosebetsi a fumane tumello pele bakeng sa ho etsa mosebetsi o fanang ka tjhelete ka morao ho dihora tsa mosebetsi..
Mohlala wa 1: Mosebetsi o fetoha molekane kgwebong. Ho na le tlhophiso ya hore o lokela hoba mosebetsing kgwebong ka morao ho dihora tsa mosebetsi feela. Ntle le tebello, boemo ba mosebetsi mosebetsing wa tshebeletso ya setjhaba bo hloka hore a sebetse ho feta dihora tse lebeletsweng tsa mosebetsi. Sephetho sa taba ena se ka lebisa kgohlanong ya ditabatabelo, tsitsipano ya maikutlo le maikutlo a arohaneng.
Mohlala wa 2: Ngaka ya meriana e sebetsang sepetlele sa Mmuso, e ke ke ya etsa mosebetsi o ka thoko, ntle le tumello e tswang ho hlooho ya lefapha la hae e leng mosebetsi wa nakwana moo e lefuwang tjhelete tulong ya phekolo ya bakudi ya motswalle wa hae kapa ya sebedisa theepa ya Mmuso kapa le meriana bakeng sa sepheo sena.
Mohlala wa 3: Mosebetsi o etsa mosebetsi o mong wa bobedi ka morao ho dihora tsa mosebetsi, e leng ntho e bolelang hore o haellwa ke nako ya ho rabala. Mosebetsi enwa o qetella a kgathetse nakong motsheare mme ha a kgone ho sebetsa ho ya ka moo a lebeletsweng ka teng kapa ka moo a kgonang ka teng. Sena ha se molemong wa setjhaba mme ke ntho e senyang tjhelete ya balefi ba lekgetho ka tsela e sa tobang.
KGAOLO YA 2
MOLAWANA WA BOITSHWARO
YA
TSHEBELETSO YA SETJHABA
A SEPHEO
A.1 Hore dipallo tse loketseng tsa molao wa motheo di tle di kgone ho sebetsa tse amanang le Tshebeletso ya Setjhaba, basebetsi kaofela ba lebeletswe ho ikamanya le Molawana wa Boitshwaro eo ho nehelanwang ka yona Kgaolong ena.
A.2 Molawana e lokela hore e sebetse jwalo ka tataiso ho basebetsi ho seo ba lebeletsweng hore ba se etse ho latela ntlha ya tjhadimo ya boitshwaro, boitshwarong ba bona ka bomong le dikamanong tsa bona le ba bang.
Boikamanyo le Molawana bo lebeletswe hore bo matlafatse mokgwa wa profeshenale le thuso ho tiisa hore hore ho tle ho be le tshepo Tshebeletsong ya Setjhaba.
B. SELELEKELA
B.1 Ho na le tlhokeho ya hore basebetsi ba fuwe tsela e mabapi le dikamano tsa bona le lekgotla le etsang melao, bahlanka ba tshwereng ditulo tsa dipolotiki le ba maemong a ofisi ya phethahatso, basebetsi ba bang le setjhaba le ho bontsha moya oo basebetsi ba lokelang hore ba etse mesebetsi ya bona ka ona, le hore ke eng ntho eo ba lokelang hore ba e etse ho qoba dikgohlano tsa ditabatabelo le hore ho lebeletswe eng ho bona ho latela boitshwaro ba bona setjhabeng le bophelong ba bona ba poraefete.
B.2 Leha Molawana wa Boitshwaro e ile ra ralwa hore e akaretse dintlha tsohle ka hohle ka moo ho ka kgonehang, ha se melawana e qetang matla e laolang maemo a boitshwaro. Leha ho le jwalo, dihlooho tsa mafapha, ka lebaka la boikarabelo ba bona ho latela karolo ya 7 (b) ya Molao wa tsamaiso e phethahetseng le taolo ya mafapha a bona le ho hlokomela hore tsohle di tsamaya ka molao, hara tse ding, ba tlanngwe ke mosebetsi wa ho tiisa hore boitshwaro ba basebetsi ba bona bo nyallana le makgabane a mantlha le metheo e laolang tsamaiso ya setjhaba le ditabatabelo le maemo a hlokwang ke Molao. Dihlooho tsa lefapha di boetse di lokela ho etsa bonnete ba hore moifo wa bona wa basebetsi o tseba mehato ena, le hore ba amohela le ho ikamanya le yona.
Sepheo se seholo sa Molawana ena ke se setle, e leng ho kgothaletsa boitshwaro bo tla dula e le mohlala. Ntle le mona, mosebetsi o tla fumanwa a le molato mme ho ka sebetsanwa le yena ho latela tumellano e tshwanetseng e fihletsweng mmoho ha e ba a ka tlola pallo efe kapa efe ya Molawana wa Boitshwaro kapa a hloleha ho inyalanya le pallo e nngwe ya ona.
MOLAWANA WA BOITSHWARO
DIKAMANO LE LEKGOTLA LE ETSANG MELAO LE LA PHETHAHATSO
Mosebetsi ?
C.1 o a tshepahala ho Riphaboloki mme o hlompha Molao wa motheo le ho ikamanya le ona phethahatsong ya mesebetsi ya hae ya letsatsi le leng le le leng;
C.1.2 o tlisa ditabatabelo tsa setjhaba pele phethahatsong ya mesebetsi ya hae;
C.1.3 o phethahatsa ka botshepehi maano a Mmuso o busang tshebetsong ya hae ha a etsa mosebetsi ya molao ho latela ka moo e fuperweng ka teng ke melao kaofela le ditaelo tse ding.
C.1.4 o tsitlallela ho tseba le ho ikamanya le melao ha mmoho le ditaelo tse ding tse tsamaelanang le boitshwaro le mesebetsi ya hae; le hore
C.1.5 o sebedisana le mekgatlo ya setjhaba e hlomamisitsweng ka molao le
Molao wa motheo ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa setjhaba.
Mosebetsi ?
C.2.1 o kgothaletsa hore setjhaba sa Afrika Borwa hore se tshwane le marematlou a ntswe leng le hore se phele hantle phethahatsong ya mesebetsi ya hae ya molao;
C.2.2 o tla sebeletsa setjhaba ka mokgwa o hlokang leeme le o sa kgetheng lehlakore hore a etse hore ho tle ho be le tshepo Tshebeleletsong ya
Setjhaba;
C.2.3 o ipotlile, o fana ka thuso ebile batho ba kgona ho finyella ho yena ha bonolo ka mokgwa o utlwahalang tshebetsong ya hae le setjhaba, ka dinako tsohle o tshwere batho ba tswang setjhabeng jwaloka bareki ba nang le tokelo ya ho fumana tshebeletso ya maemo a hodimo;
C.2.4 o hlompha maemo le dingongoreho tsa setjhaba nakong eo a phethang mesebetsi ya hae ya molao ka yona leha a etsa diqeto tse ba amang;
C.2.5 o itahlela ka setotswana ka tshebeletso e tlang ka nako ntshetsope leng le ho phahamisa baahi bohle ba Afrika Borwa;
C.2.6 ha kgetholle ka leeme motho ofe kapa ofe ya tswang setjhabeng ka lebaka la botjhaba ba hae, taba ya hore ke monna kapa ke mosadi, morabe wa hae kapa boemo ba moo a tswang teng bophelong, mmala, tshekamelo ya hae ya bong, dilemo, kgolofalo, tumelo ya hae, dipolotiki tseo a leng ho tsona, tshekamelo ya hae ya ho kgetholla botle ho bobe, seo a dumelang ho sona, setho sa hae kapa puo ya hae.
C.2.7 ha sebedise boemo ba hae mosebetsing katsela e fosahetseng
Tshebeletsong ya Setjhaba ho ntshetsa pele maikutlo a hae a ho beha ka mosing ditabatabelo tsa mokga ofe kapa ofe wa dipolotiki kapa sehlopha seo eseng sa dipolotiki.
C.2.8 o hlompha le ho tshireletsa seriti sa motho e mong le e mong le ditokelo tsa hae jwalo ka ha di hlaha Molaong wa motheo; ebile
C.2.9 o ananela tokelo ya batho ya hore ba fumane lesedi, ho tehetswe ka thoko lesedi le tshireletsweng ke molao ka ho ikgetha.
C.3 DIKAMANO MAHARENG A BASEBETSI
Mosebetsi ?
C.3.1 o sebedisana ka ho phethahala le basebetsi ba bang ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa setjhaba;
C.3.2 o phethisa ditaelo tsohle tse utlwahalang tse tswang ho batho ba nang le boikarabelo ba molao ba ho fana ka tsona, ntle leha ditaelo tsena di hohlana le dipallo tsa Molao wa motheo kapa le molao ofe kapa ofe;
C.3.3 ha ho moo a sekamelang bathong ba habo le ho metswalle ka dintho tse amanang le mosebetsi mme ha ho moo a sebedisang ka mokgwa o fosahetseng matla a hae kapa moo a susumetsang mosebetsi e mong, kapa moo a susumetswang hore a sebedise matla a hae mokgwa o fosahetseng;
C.3.4 o sebedisa metjha e loketseng ho hlahisa ditletlebo tsa hae kapa ho isa mangolo a ditletlebo tsa hae teng;
C.3.5 o iteletse ntshetsopele e phahameng, ho kgothatsa le ho sebedisa moifo wa hae wa tshebetso le ntshetsopele ya dikamano tse tsitsitseng tsa mosebetsi le tsa tswakatswakano;
C.3.6 ha ho moo a amanang le taba ya mesebetsi ya dipolotiki tsa mokga sebakeng sa mosebetsi.
C.4 HO PHETHA MOSEBETSI
Mosebetsi ?
C.4.1 o tsitlallela ho fihlella maikemisetso a lefapa leo a le sebeletsang ka mokgwa o baballang tjhelete le ka mokgwa o molemong wa ditabatabelo tsa setjhaba;
C.4.2 o na le boiqapelo monahanong wa hae leha a phetha mesebetsi ya hae, o batla ditsela tse ntjha ho rarolla mathata mme o matlafatsa tshebetso e sebetsang hantle le e ntle ho latela moelelo wa molao;
C.4.3 phethahatsong ya mesebetsi ya hae o boloka nako ya mosebetsi;
C.4.4 o phethahatsa mesebetsi ya hae ka mokgwa wa profeshenale le o bontshang tsebo ya mosebetsi;
C.4.5 ha kene mesebetsing efe kapa efe kapa mehatong e tlisang kgohlano kapa e sitisang phethahatso ya mesebetsi ya hae ya molao;
C.4.6 o tla ikgula tshebetsong efe kapa efe ya molao kapa ntlheng ya hore ho etswe qeto e ka tswalang hore ho be le boithuiso bo sa tshwanelehang, mme mosebetsi o lokela hore a phatlalatse taba ena ka mokgwa o tshwanelehileng;
C.4.7 o amohela boikarabelo ba hore a etse hore a fumanehe bakeng sa thupelo e tswelang pele ha mmoho le ntshetsopele nakong yohle ya tshebetso ya hae;
C.4.8 o a tshepahala ebile o na le boikarabelo ha sebetsana le matlole a setjhaba mme o sebedisa theepa ya Tshebeletso ya Setjhaba le mehlodi e meng ka tsela e nepahetseng, e sebetsang hantle, bakeng sa merero e dumeletsweng ya molao feela;
C.4.9 o kgothaletsa tsamaiso e tsitsitseng, e kgabane, e sebetsang hantle, e bonaletsang le e nang le boikarabelo;
C.4.10 nakong ya mesebetsi ya hae ya molao, o tla tlaleha ho balaodi ba tshwanetseng, bobodu, bomenemene, leeme la tsela ya tshebetso ya mmetlakgola o e lebisa ho wa habo, tsamaiso e fosahetseng le ketso efe kapa efe e nngwe e nang le tlolo ya molao, kapa e nang le maikutlo a fosahetseng ditabatabelong tsa setjhaba;
C.4.11 o fana ka keletso e tshepahalang le e hlokang leeme, e thehilweng leseding le fumanehang le loketseng, ho balaodi ba baholo ha ile a kopuwa hore a fane ka thuso ya mofuta ona; hape
C.4.12 o hlompha makunutu a ditaba, ditokomane le dipuisano, tse lokodisitsweng e le tsa lekunutu kapa tse bontshang hore ke lekunutu kapa sephiri.
C.5 BOITSHWARO BOTHONG BA HAO LE DITABATABELO
Mosebetsi ?
C.5.1 nakong ya mesebetsi ya hae ya molao, o apara le ho itshwara ka mokgwa o hodisang lebitso le letle la Tshebeletso ya Setjhaba;
C.5.2 o etsa dintho ka boikarabelo mabapi le tshebediso ya dino tse tahang kapa mabapi le dintho dife kapa tse nang le tshusumetso e tahang;
C.5.3 a ke ke a fumana ntle le kananelo e ngotsweng eo a e fumaneng pele ho
Hlooho ya Lefapha kapa a amohela mpho ya mofuta ofe kapa ofe, melemo kapa theepa ya boleng ba tjhelete tlhaloso le boleng le mohlodi wa mpho ya e fetang R350 e tswang ho motho ofe kapa ofe molemong wa hae nakong ya phethahatso ya mesebetsi ya hae hobane tsena kaofela di ka nkuwa e le ditjootjo tsa bokunyata;
C.5.4 ha sebedise kapa hona ho phatlalatsa lesedi la molao ho ithuisa molemo kapa molemong wa batho ba bang; ebile
C.5.5 a ke ke a etsa mosebetsi o mo lefang kantle ho mosebetsi wa hae wa molao kapa a sebedisa theepa ya ofisi bakeng sa mosebetsi o jwalo ntle le tumello ya ho etsa jwalo.
